Motsoalle Bakeng Sa Hao

Jesu Motsoalle Oa Hao

Jesus is your friend

Ke na le motsoalle. Motsoalle oa sebele eo nkileng k aba le eena ruri eenoa ke ea hlokoang ke batho bohle. Ke oa ‘nete ebile o molemo hoo nka ratang hore o mo tsebe le oena. Lebitso la motsoalle enoa ke mang, ke Jesu. Ntho ee ntle ebile e hlolla ke hore o thahasella hoba motsoalle oa hao. 

Ha nke o behe leseling le sehlohlolong ka eena. Re bala pale le nalane ka hara bebele. Bebel eke buka ea ‘nete. Ke lentsoe la ntate Molimo.

Qetella litaba tsa: Motsoalle Bakeng Sa Hao

God's creation

Jesu ke Mora oa Molimo. Ntate Molimo u mo rometse ho tloha leholimong ho tla  lefats’eng lena hoba Eena mopholosi oa batho bohle. ‘Me Molimo o ratile lefats’e hakaalo (Ho bolela hore o ratile nna le oena) hoo a romileng Mora oa hae a inotsi, eleng Jesu, (Ho shoa  bakeng sa libe tsa rona) ele hore mang le mange a lumelang ho Eena a seke a timela  empa a be le bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16)


Jesu u tlile lefats’eng lena ele lesea le lenyane. A tsoaloa le Maria, ‘me a holisoa ke Maria le Josefa mohats’ae. Jesu tlhahong ea hae u tsoalletsoe ka setaleng sa liphoofolo, ‘me a  behoa ka hara sejelo.

Molimo oa re rata. O rata motho e mong le e mong lefats’eng. Molimo o re rata hoo a bileng a romela Mora oa hae Jesu, ea inosi, lefats’eng . Ha Jesu a ne a le lefats’eng, u ile a folisa ba kulang, a ts’elisa ba hlomohileng. Lifofu le tsona tsa bona. O ile a ruta batho litaba tse ngata haholo ka tsa ‘muso oa Maholimo.
Jesus' birth

Jesu o ile a hola tlasa bohlokomeli ba Josefa le Maria ‘me a ba hlompha . U ile a ba le baena le likhaitseli beo a neng a bapala le hona ho hola le bona. U ne a bile a thusa Josefa ho betla litafole le litulo le tsohle tse etsoang ka lepolanka.

Jesus and the lad with food

Jesu hase a holile a le boemong, a qalella ho ruta batho ka ntatae ea maholimong. A ba lemosa le hoba bonts’a kamoo Molimo a ba ratileng ka teng. A folisa ba kulang mafu a mefuta, a tselisa ba mahlomoleng le ba pelo li robehileng. Kannete ruri ene ele motsoalle le oa bana. Kamehla o ne a thabela ha ban aba lesoa ho tla ho eena. U ne a na le nako le sebaka sa bona. Hona ho ne ho etsa hore ban aba mo rate ‘me ba thahaselle le hona ho rata hoba le eena kamehla.

Leha ho le joalo ba bang ba batho ba ne bas a rate Jesu. Ba ile ba mo nena le ho mo hloea. Ba mo hloea haholo hoo ba ileng bar era ho mo fenetha le ho mo bolaea. Ka letsatsi le leng le mahlonoko ba ile ba bolaea Jesu ka ho mo thakhisa le ho mo khokhothela sefapanong. Jesu u ne a sa etsa tlolo leha ele ngoe ea molao leha ele sebe. Empa u ile a lokela ho shoa sebekeng sa rona baneng ba itsentse ba silafalitsoe ke libe, melato le litlolo tsa rona.

Jesus on the cross

Leha ho le joalo, nalane ea Jesu ha ee felle hona lefung leo le sehloho. Molimo o ile oa mo tsosa hara bafu. ‘Me barutuoa ba hae ba ile bam o bona hang hobane a tsohe bafung. ‘Me ka le leng o ile a nkeloa marung ho ea leholimonh ho eaba le Ntate ‘me o lutse letsohong le letona la Molimo.

Kajeno Jesu oa o bona le hona ho utloa kopo  le lillo tsa hao. U bile o tseba tsohle ka oena, oa o khathalla le ho tsotella. Ake o mo atamele ka thapelo. ‘Me o mo tsebise mathata ohle a hao. U malala-a-laotsoe ho kopanela le oena le ho thusa. O ka inamisa hlooho ea hao, ‘me oa buoa le Eena hohle ka nako tsohle.

Ka letsatsi le leng u tla khutla! ‘me u tla nka bohle ba lumetseng ho Eena ho ba le eena lehaeng le lecha, Leholimong.

Jesus listening to a woman pray

“…ke tla boela ke khutle, ke le nkele ho ‘na, hore moo ‘na ke leng teng, le lona le be teng.” Johanne 14:3

Hokahana le Rona

Kopa libukana

Khotso, Tokoloho, Le Thabo

Na u kile oaba le mohopolo oa hore,”Na nka fela ka lokoloha ka botlalo, na nka iphumana ke thabile, na nka ba le khotso?”

Batho ba bangata ba tsomana le ho batlana le tokoloho e felletseng  ele hore ba tle ba fumane thabo le khotso. Batho ba lakatsa ho iphumana ba lokolohile tlasa lintho tse nkileng taolo ea maphelo a bona, hoo ka nako tse ling ba lumelang hore ha ba etsa kamoo ba ratang ka teng, eba hoo ho tla batlisetsa thabo. Na ho fela ho eba joalo?

Litseho, lerata le tsotello e mofuthu le mabone a khanyetsang tsase tse fanoang ntlo ea mothamahane tseo kaofela liphephetsa ba bangata ka ho ba tsepisa thabo. Boholo ba batho ba bacha ba bonoa ba kiba-kiba ka mabokosana a joala le koae, likoloi tse mabai-bai, ‘me ba sesa masiu menateng le menyaoakoeng ea boithabiso, ka ts’epo ea hore tseo tsohle li tla ba fa khotso ea moshoelella. Empa leha ho le joalo lintho tsena tse batho ba li mathelang ha li fane ka khotso le thabo eo batho ba tsomanang le eona.

Matekoane le lithethefatsi tse seng molaong tse taeang haholo, hoo e kang motho oa hlanya kapa hona ho lahleheloa ke menahano. ‘Nete ke hore bongata ba batho, bo lumela hore lintho tsena ke tsona tse ba tlisetsang thabo, ‘me ka thabo eo eba khotso ea ba tlela. Empa na ho fela hoba joalo, ba fumana seo?

Qetella litaba tsa: Khotso, Tokoloho, Le Thabo

‘Mino oa sejoale-joale oa lefats’e, o kenang le hona ho hapa kelello le ‘mele, li sebelisana hammoho le lino-tai le lithethefatsi ho tlisa botaoa ho motho. ‘Me ho bolela hore ha li tlise thabo ele kannete. Ho iphumana u kene litabeng tsa thobalano kantle ho lenyalo ka tsutsumetso ea litakatso, u sa natse ho ipoloka khahlanong le litakatso tse joalo, ho bonahala eka ke tsela ea ho ikhotsofatsa le ho inyakalatsa. Empa ‘nete ke hore ketso eo e bakela motho bolutu le lihlong fela. Ha hona thabo e fumanoang liketsong tse joalo.

Nakong tsa kajeno, bongata ba batho bo tumisitse ka hohle, hore eka khona motho a ikutloe a lokolohile ho etsa ntho ea e ratang ka nako e batloang ke eena. ‘Me ba lumela hore, ha oa lokela hore ho be le meloaoa ea boitsoaro, ho se be nyatso ea letho kapa hona ho utloela motho mang kapa mang bohloko ho etsa se rataoang ke pelo ea hae ha batlana le thabo le khotso.  Taba e kholo ke hore tokoloho ea ‘nete ke eona fela e tlisang khotso le thabo. Ba bolella hore thabo ea fumaneha ka nako eohle, ka tsela tsohle, ho sa tsotellehe na u e fumana ka ho etsa eng, ekaba ka ho noa, kapa ho tsuba eng le eng e tahang. ‘Nete! Ke hore re lekanya hore ho ka sehlohong ke ho tsomana le thabo ka mekhoa eo, empa re sa lemohe hore ketso e ngoe le e ngoe ena le litlamorao tsa eona. Re fela re na le boikutlo ba hore re lokela ho thaba ka tsela ena kapa eane, ka ha e le tokoloho ea rona ho thaba.

Leha batho ba tseba hore litlamorao li ba teng liketsong tse joalo; le hore hlokomeliso tse tsejoang ka hohle ebile li tumisitsoe, joaloka: Seke oa noa, o ntse o qhoba koloi. Lebelo le phahameng lea bolaea. Koae e kotsi matsoafong hape e ka o beha tlokotsing ea kankere. Etsa thobalano e sireletsehileng kamehla. Ha o ka ima ntle le maikemisetso, o ka nts’a mpa. Leha ho le joalo, likeletso tsena hase pheko ea moshoelella.

Haeba, e fela thabo e tholahala ka ho nka karolo linthong tsa mofuta oo, u ne u ka fumana batho ba hlonameng ka hara matlo a mothamahane ao ho oona ho tletseng lets’oele la batho? Ho habaneng ba hlonama ka mora ho taoa? Hobaneng ho ba bolutu, ebile ba sareloa ka mora liketso tseo? Hobaneng ha ba utloa ba itsitetsoe ka mora hore likamano li thubehe? Haeba ele ‘nete hore ho nka karolo litabeng tse joalo, ho fela ho tlisetsa motho thabo le khotso, ke hobaneng li hlaha mahlong a rona ele liketso tse sa hlompheheng? Hobaneng li lateloa ke mathata, ‘me li etsa bophelo ba motho bo hloke moelelo, leho hoba bosula tjee?

Ho inyakalatsa ha ho tlisetse motho tokoloho ea sebele. Ha ho tlisetse motho thabo le khotso. Ho inyakalatsa ha botho ke sebe, ka hobane bo sebeletsa ho khahlisa motho eseng ho khahlisa Molimo.

Morena Jesu, evangeling ea Mattheu 11:28-29 o re: “Tloohong ho ‘na, lona bohleba khathetseng, ba imeloang, ‘me ke le imolla! Inkeleng joko eaka, ‘me le ithute ho ‘na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ‘me le tla fumanela meea ea lona phomolo”

Ebe ho ea joang ka ba hao bophelo? U ikutloa u hlomphehile le ebile u tsoenyehile bophelong? Na mathata a teng lefats’eng le likamano tseo o nang le tsona le batho li etsa o ikutloe u na le khatello ea maikutlo, letsoalo, ts’abo? Na u na le ho utloa, ka nako tse ling, u belaella hore, ha hona  motho ea o ratang le ho khathalla?

Khothala u be u tiee, hobane Ntate Molimo oa u rata. O batla hore u qetelle u fumane khotso, tokoloho, le thabo ea sebele. Khotso ea sebele ha e tsoaloe ke ho itsematlella kapa boithukhobetsong ba motho. Empa e tsoaloa ke boineholo bo felletseng ho Molimo, ‘me ho mo ts’epa ho tlisetsa motho phomolo moeeng oa hae.Morena Jesu o buoa mantsoe ana: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso e aka; ha ke le fe kamoo lefats’e le fang kateng” (Johanne 14:27)

Arabela memo ea Morena Jesu Kreste kajeno. Tlooho ho Eena ka pelo ea hao. U mo fe lits’ito, libe le makhopo a hao ohle, tsa khale, tsa kajeno le tsa kamoso. U bakele bolutu le ho senya bophelo ba hao, ka tsela eo o bo phetseng. ‘Me joale o tla fumana tokoloho, thabo ea sebele, le lerato la ‘nete.  U tlaba le tsepo ea bokamoso le tsepiso ea bophelo bo sa feleng, ha fela o tsepahalla Molimo ho tsohle. Molimo oa leholimo a o hlohonolofatse, ha U tla tsoelapele ho mo batla ka mehla, ‘Me u be le Khotso le thabo.

Hokahana le Rona

Kopa libukana

Pale Eo U Lokelang Ho E Tseba

Bible and Candle

Tsimolohong ho ne ho sena letho holima lefats’e.

Ho be ho se litlhapi.

Ho sena linaleli sebakeng sa leholimo.

Qetella litaba tsa: Pale Eo U Lokelang Ho E Tseba

Ho sena maoatle, leha e le lipalesa tsa naha.

Lefats’e le le feela,  ‘me le tletse lefifi.

Empa Molimo Eena, o ne a le teng.

Molimo o ne a na le morero o motle. ‘Me o ne ana le mohopolo oa lefats’e le khahlehang. ‘Me eitse ha a ratile, a fela a le etsa. Molimo o hlolile lefats’e joalo feela, ntle ho kopanya letho empa ka polelo ea taelo, eaba o re: “lefats’e ha le be teng” eaba le fela le eba teng. A etsa leseli. A etsa linoka le maoatle, a apesa lefats’e ka joang ba naha, le linonyana, le liphoofolo, le lifate. ‘Me a qetella ka ho bopa motho ka sets’oano le sebopeho sa hae. A ba etsa e le e motona le e motsehali. ‘Me mabitso a bona eaba Adama le Eva.

‘Me Molimo a ba rata haholo. ‘Me mantsibua ha ho pholile, Molimo o ne a ba etela ts’imong e ntle ea Edene. Ts’imo eohle ne ba ee filoe ho ithabisa le ho ja ho tsoa ho eona, ha ese sefate se le seng feela, se har’a ts’imo, seo Molimo a ba hanetseng ka sona hore ba se seje. ‘Me Adama le Eva ba ne bathabile ka matsatsi ohle, eaba satane, sera sa Molimo,o oa ba leka. ‘Me ba amohela teko ea hae ‘me ba latsoa le ho ja sefate seo Molimo a ba laetseng hore ba se se je. Ba siteloa Molimo ka hona. Eaba lekhetlo la bona la pele la ho soaba le ho hlajoa ke lihlong tse kholo. Eaba ha ba sa buisana le Molimo. Ba ne ba le bohlokong le mats’oenyehong. Ba se ba ke ke ba phela ka ho sa feleng ‘me ba ne ba lokeloa ke lefu. Eaba ba apareloa ke lihlong le masoabi a maholo.

Empa o ile a tsepisa ho ba thusa. A re ha nako li se li phethahetse, o tla romela Mor’a hae Jesu lefats’eng. ‘Me Jesu o tla theoha leholimong, ho etsa tsela ea hore batho ba fumane pheko ea sebe, le ho tlisa tsoarelo.  Hore tsoarelo ea libe e hlahe, O ne a lokela hore a hlokofatsoe a be a shoe bakeng sa batho bohle. Ba ile ba thaba haholo ha Molimo a romela ‘Moloki! Adama le Eva ba ile ba ba le bana le litloholo. Nako ha e ntse e tsamaea, batho ba ‘na ba ata lefats’eng.

Molimo o ne a batla hore motho e mong le e mong a lule a thabile. ‘Me a ba bolella seo ba lokelang ho se etsa. Mona ke lethathamo la melao eo Molimo a ileng a fana ka eona:

  1. U se ke oa ba le melimo e meng pela sefahleho sa ka.
  2. U se ke oa iketsetsa sets’oants’o se betliloeng, leha e le sets’oants’o se le seng sa tse holimo leholimong, leha e le tse lefats’eng.
  3. U se ke oa tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.
  4. Hopola letsatsi la phomolo (Sabatha) ho le khetha.
  5. Hlompha ntat’ao le ‘m’ao.
  6. U se ke oa bolaea.
  7. U se ke oa feba.
  8. U se ke oa utsoa.
  9. U se ke oa etselletsa oa heno ka leshano.
  10. U se ke oa lakatsa ntlo ea oa heno, u se ke oa lakatsa mosali oa hae.

(Exoda 20:3 –17)

 

Melao ena e ile ea ngoloa ka bibeleng hore le rona re tle re ee bale. ‘Me ha re ka lemoha ho ee boloka, eba re tla tlala ka thabo lipelong tsa rona. Empa Satane eena ha rate ha re ka boloka melao eo ea Molimo. ‘Me ka nako tse ling o re bolella hore re utsoe ntho tse ling, ha ho se motho ea re bonang. Empa leha ho le joalo Molimo o tseba tsohle leha batho ba ke ke ba tseba hore u utsoitse. Ka hobane o bona hohle, le sephiring. ‘Me ka nako e ngoe teng, Satane o re leka, ka hore re buoe leshano, ka hore ha hona motho ea tseba le fumana ‘nete ea taba. Empa Molimo oa e tseba. Hobane o utloa tse buoang hohle.

‘Nete ke hore ha re etsa lintho tse tlasa tsutsumetso ea Satane,  re ikutloa molato, ‘me ha re be le thabo ka hare. Molimo oa u rata, ‘me o batla ho re thusa ho etsa ho lokileng, le hore re loke pela hae. Ke ka hoo, a ileng a romela Jesu lefats’eng. Molimo o ile a hopola tsepiso ea hae, ea ho romela ‘Moloki. ‘Me kamora lilemo tse ngata, eaba Jesu oa tsoaloa e le lesea. A hola ea ba monna. A etsa lintho tse kholo tse makatsang. A folisa ba kulang. Lifofu tsa boela tsa bona hape. A hlohonolofatsa bana ba banyenyana.

Jesu ha a ka a etsa letho le lebe, leha e le sebe. O ile a bolella batho ka taba tsa ‘muso oa Molimo, le hore eka khona ba utloe le ho hlompha Molimo. Empa kamora nakoana sera sa Jesu se ile sa ‘molaea, sa mo thakhisa sefapanong, A shoa Jesu.

A utloisoa bohloko, a shoela libe tsa batho bohle ba lefats’e, ‘moho le bona ba ileng ba mo thakhisa sefapanong. Jesu o ile a patoa lebitleng. Eaba ho etsahala see makatsang. Ha a ka a lula lebitleng hore a be a bole. Empa a tsoha bafung!

Eaba o nkeloa maholimong, ka leru. Ha barutuoa ba hae ba mo talimile ha nkeloa holimo, eaba ho hlaha lenyeloi le re ho bona: “ Jesu eo le ‘moneng a nkeloa leholimong, o tla boela a khutla hape”.

Jesu o shoetse libe tsa rona, ‘me o rata ha re ka soabela libe tsa rona, ‘me eaba rea li bolela ho eena. Eena o malala-a-laotsoe ho re tsoarela.

Re ka rapela Ntate Molimo ka nako eohle. ‘Me Eena o utloa lentsoe le leng le le leng, ‘me o tseba mehopolo eohle. Ke Eena feela ea etsang re ikutloe re tletse ka thabo ka hare tsoarelong ea libe. ‘Me re qale re utloe re batla ho etsa ho lokileng. Le hona ho bonts’a batho mohau le mosa.

Molimo o bopile motho e mong le e mong a mo fa, boikhethelo, re ka khetha ho latela Molimo, kapa ho latela Satane. Empa lentsoe la Molimo le re: ha re lahla Molimo re lahla bophelo, ‘me o tla re lahlela liheleng. ‘Me lihele ke n’galo e ts’abehang eo ho leng lillo, litsikitlano tsa meno, le ho cha ka ho sa feleng.

Empa ha re khetha ho rata le ho utloa Jesu , re tla ruoa ‘muso oa maholimo, ‘me O tla re nkela leholimong. Leholimo ke sebaka se setle ka tsela e hlollang, lehae la Molimo le Mor’a hae, Jesu. Ke lehae la lerato le leseli feela. Moo re tlo lula re thabile ka mehla hobane ha hona lillo, bohloko, le bokulo.

Hokahana le Rona

Kopa libukana