Leholimo - Lehae La Hao La Kamoso?

U reng ka Bokamoso ba Hao?

Ebe ke mang ea ka nahanang ka bokamoso ba hae, ebe ha natse hore na, ebe ho na le bophelo ka nq’ane ho lefu? Ha hona motho ea ka phonyohang le ho iphapanyetsa mehopolo ea hore na ebe ho tlo etsahalang ka eena kamora lefu, oona o khorametse likello tsa rona empa hona le ba lekang ho behella ka theko ba se ke ba nahanisa ka oona. Ke moo ebang joale motho o tla iphapanya ka lintho tse ngata tsa bophelo ba joale, a behelle le hona ho suthumelletsa hole le eena mohopolo oa ho shoa, leholimo le tsona lihele joaloka hoja hase ntho tse teng  empa a itebatsa tsona. (Mattheu 24:48, Moekelesia 8:11) Bonnete ba taba ke hore, khetho e lokela ho etsoa, ka ha e ea tlama. ‘Me ea ea tlohella lintho feela, a re o tla amohela se etsahalang se etsahale, ho bolela hore o ya tahlehong ka ho sa feleng, ‘me ho se etse letho ke khetho.

Hona le Libaka tse Peli Tsa Bosafeleng

Ho khanya hoa leholimo le ho ts’abeha hoa lihele, ho lokela ho re phephetsa hore re ilo kena leholimong, bophelong bo sa feleng. Khetho eona e lokela hore etsoa ha eba re batla moputso. Ha hona sebe kapa moetsalibe ea tlang ho ea kena leholimong la Molimo, ke taba ea ‘nete.  Ho tla ba le kotlo ea bohle ba sa kang ba batla ho etsa khetho e bolokehileng ea ho re ba fuoe tsoarelo ea libe tsa bona, ‘me ba tla akheloa liheleng. “’Me bona bao batia ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.”(Mattheu 25:46)

Leholimo – Lehae La Bohle Ba Lopollotsoeng

Ho ba lopolotsoeng, ba hlatsoitseng liaparo tsa bona maling a Kreste, leholimong ke sebaka se khethehileng bakeng sa bona. (Tsenolo 7:13-14). Ke lehae. Takatso ea bona bakeng sa ho bona leholimo, e joaloka  taba-tabelo ea mopesalema ea itseng: “ Moea oaka o nyoretsoe oena, nama eaka e tsetselela oena, naheng ena e ts’ehla, e feelleng, e se nang metsi” Pesalema 63:2. Ho motho ea tsoetsoeng ka Moea o Halalelang oa Molimo, leholimo le haufi ebile ke sebaka sa ‘nete seo a se laba-labelang ho fihla ho sona. O phela lefats’eng, a se a ntse a latsoa boikutlo ba lehae leo la hae, la bo sa feleng.

Semelo seo re se behetsoeng ke Kreste, ke ‘nete, boikokobetso, hloeko, le lerato, li bohlokoa ka ho fetisa bophelong ba ngoan’a Molimo. Ha Molimo a sitsa mo-Kreste ka lerato le tsoang leholimong, ho eena ho lebelletsoe ka hloko boikokobetso le ho ts’epahala. Molimo o lakatsa ho bona ho phetheha le bohloeki ho Ba-Kreste bohle ba filoeng lehae leholimong. (2 Ba-Korinthe 5:1)

Leholimo – Lehae La Leseli

Qetella litaba tsa: Leholimo - Lehae La Hao La Kamoso?

Bophelo, ba ha re le sa le lefats’eng mona bo na le liqholotso tse ngata. Re tobana le lintho tseo ka nako e ‘ngoe re sa li utloisiseng. Ebe re leka ho hahamalla pele re batla ho lokisetsa bokamoso ba rona, ebe re hloleha ho etsa joalo.  Masoabi ka nako e ngoe, a re hlahela bophelong, ‘me rea phoqeha. Tsena tsohle li ka hlalosoa ele lefifi.

Leholimong hona le leseli feela. Ke moo Molimo a lulang teng. “ Molimo o leseli, ‘me ha ho lefifi ho oona le hanyenyane” (1 Johanne 1:5) Leseling la hae re funa kutloisiso e phethahetseng, le tsebo e felletseng. Liketsahalo tsohle, eba ke tsa khale kapa tsa joale li tla hlaka. Leseling la hae ho na le kopanelo, pakeng tsa Ntate, Mora le Moea.

Leholimo le hlalosoa e le: “Lefa la bahalaleli leseling” (Ba-Kolose 1:12). Limelo le libopeho tsa leseli li hlalosoa e le, tsebo, khalalelo, le thabo. Leseli le na ha hona letho le ka pakang tsitiseho ho lona ho isa ka ho sa feleng. Bosiu ha bo sa tla hlola bo eba teng. (Tsenolo 21:25)

Leholimo- Lehae Leo Ho Senang Lits’oso Leha Ele Sebe

“Ha ho ntho e lits’ila e tla kena teng, leha e le ba etsang manyala le leshano, ho tla kena ba ngoliloeng bukeng ea bophelo ea Konyana feela.” (Tsenolo 21:27). Ha ele linyahamiso, ho soaba, meleko, le sebe ke karolo ea lintho tsa lefats’e  Li ke ke tsa kena sebakeng seo se hlomphehang, se halalelang.

Ho Tsenolo 21:4 ho thoe: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le eba teng; ‘me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fitile”. Ho Ba-Kreste leholimo ke lehae la phomolo le khatholoho e phethahetseng, pheletso ea leeto.  Rea tseba hore leha Molimo a ka re phumula meokho lefats’eng empa ha ele bohloko bohle le lillo o tla li tlosa ha re fihla leholimong, ‘me ebe rea tselisoa.

Lehae- Le Sa Boleng La Balopolloa

Ho ba le likamano le batho lefats’eng ho bohlokoa ho rona haholo. Likamano tse ling lia re thabisa, ha tse ling li tlisa masoabi ebe li re ama maikutlo ha bohloko. Lelapa ke khokahano ea bohlokoa haholo ho motho, karohano e bohloko ha lefu le nka e mong oa lelapa. Tsena tsohle ke karolo ea hoba ‘mele ea rona ea khathala ebe ea shoa. Ha Morena Jesu a khutla ka letsatsi la kahlolo, e mong le e mong o tla apara ‘mele o sa boleng le ha ele ho shoa. Ba shoeleng ba tla tsoha. ‘Mele ea rona e bolang e tla apara ‘mele o sa boleng. “… Bafu batla tsoha, ba se ke ba boela ba bola, ‘me le rona re tla fetoha. Hobane e ka khona ho bolang hona ho apare ho sa boleng, le ho shoang hona ho apare ho sa shoeng” (1 Ba-Korinthe 15:52-53

‘Me boemong bona, likamano tsa lelapa ha li sa tla hlola li eba teng, li tla fetola sebopeho. Jesu o ile a ruta hore leholimong ha ho sa tla hlola hoba le lenyalo, ha ho sa le monna leha ele mosali. (Mattheu 22:30). Boikutlo ba bophelo ba joale bo ke ke ba bapisoa le thabo e tlang ho ba teng boteng ba Molimo. ‘Me ha hona letho le tla silafatsa likamano tsa bakhethoa le Konyana ea Molimo. Bahalaleli ba tsoelapele ho boha lintho tse ntle tsa leholimo tseo leihlo le so kang le li bona, tseo tsebe e so kang e li utloa, ba tseba lintho tseo kelello ea motho e so kang e hopola hoba li ka ba teng.

Jesu Le Thato Ea Hae Ba Tla Tlotlisoa

Letsatsi lea tla leo Morena Jesu a tlang ho hlaha marung, o tla bonoa ke tlholeho eohle. Bohle re tla ema pela hae ho ahloloa ke eena. (Mattheu 25:31-34).  Balateli ba hae ba ‘nete, leha ba ile ba hobosoa, ba nyatsuoa ha ba sa le lefats’eng, batla nkeloa khanyeng. Ba tla ba le monyetla oa ho rorisa le tlotlisa Molimo ka ho sa feleng. Ho shoa ho tla re isa ho se shoeng. “’Me etlare ha ho bolang hona ho apera ho sa boleng, le ho shoang ho na ho apera ho sa shoeng, ke moo polelo e ngoliloeng e tla phetheha, e itseng: Lefu le metsitsoe ke hlolo” (1 Ba-Korinthe 15:54) Bala hape: 2 Ba-Korinthe 5:1.

Bophelong bona Bahalaleli ba tsoengoa ka hohle, ba thulana le liteko, liphephetso le mathata. Empa ka mehauhelo ea Molimo, ba ileng ba ts’epa Molopoli, ‘me ba hlola ho fihlella qetello, batla nkeloa leholimong. Batho ba mafats’e ka ho fapana, ba lipuo tse fapaneng le lilemo ba ileng ba tiisetsa ba boloka tumelo ba tlaba teng e le karolo ea bahalaleli. Ke ba tsoang mahlomoleng a maholo, ba sa kang ba its’ilafatsa ka libe, ba mpa ba hlatsoitse liaparo tsa bona maling a Konyana. (Tsenolo 7:9-14) Meea e lopollotsoeng bophelong ba joale e tla tlotlisoa leholimong. Ho tlaba monate hakakang ho ba lenyalong la kereke le Konyana ea Molimo.  Seo e tlaba khanya e ke keng ea lekangoa le letho. (Tsenolo 19:7-9).

Leholimo – Ke Taba E Fetisisang Kutloisiso Ea Motho

“Efela joale, re bona ka seipone, ka lerotho; mohlang oo, re tla senola, lifahleho li talimane; joale, ke tseba ka n’qa e le ‘ngoe feela; mohlang oo, ke tla tseba joalo ka ha ke tsebiloe le ‘na.” (Ba-Korinthe 13:12). Ha ele khanya le bokhabane ba seo leholimo le leng sona, bo ke ke ba utloisiseha ka botlalo kapa hona ho hlaloseha. Likelello tsa rona li khona ho utloisisa feela ntho tseo re ka li bonang kapa hona ho li tsoara. Leha e le mona re utloisisa hore leholimo ke lehae la semoea la Molimo, O khethile ho se re fe lintlha kaofela mabapi le hore leholimo le boeha joang.

Setefane monna oa pele oa ho bolaeloa tumelo ea Bo-Kreste, o ile a latsoisoa ho ka bona leholimo hanyane a sa le lefats’eng. Eitse ha ba ntse ba mo tlepetsa ka majoe, ka lebaka la ho lumela ho Jesu. “ A lelala holimo, a bona khanya ea Molimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Molimo.” (Liketso 7:55). Le hoja re ke ke ra khona ho hlalosa chebahalo ea leholimo ka ho fella, re mpa re tseba ho lekana feela, joaloka batho ba Molimo ba nako tse fetileng, ha ba lapetse ho ea kena lehaeng leo le re le etselitsoeng ke Molimo. Ba-Heberu 11:10 e re bolella hore Abrahama o lebeletse motse o nang le motheo, oo Molimo e leng moahi le mothehi oa oona” Tsoelapele o bale Ba-Heberu 11:13-16.

Na Re Tla Ba Teng?

Ebe re tlo ea hokae ha bophelo boo, bo fela? Na re tla ea leholimong? Moea oa Molimo o kokota ka mamello, ‘me o re hopotsa hore eka khona re itokisetse bokamoso ba bosafeleng. Re lokela ho lemoha hore e fela re hloka Molimo e le kannete.  Ho tloha ho sitoeng le ho oa hoa motho tsimolohong, motho esale a lahleheloa ke lereko la Molimo. Ho bakela libe tsa rona le ho fumana tsoarelo ea libe ka mali a Jesu, ke eona feela tsela ea ho boelanya motho le Molimo. Molimo o re amohela le ho re beha ba lokileng, ‘me a re tsoarele libe.  Re ba bana ba hae ka ho ho tsoaloa ka matla a lentsoe le ka Moea o halalelang. (Johanne 3:5, 1:12). Khotso eo re utloang ha joale, e ke ke ea lekangoa le khotso e phethehileng eo re tla ba le eona motseng oa rona o leholimong. E mong le e mong, o na le bopaki bo hlakileng lipelong tsa rona, etsoe Jesu o itse mehao e mengata o ilo lokisetsa e mong le e mong ea tla lumela polelong tsa hae. (Johanne 14:2-3)

Hokahana le Rona

Kopa libukana