Mpho Ea Molimo: Pale Ea Keresemese

Jesus in a manger

Pele mehla le linako li ba teng, Molimo, Ntate, Mora le Moea, o ne a sa le teng. Boraro bona bo bong, bo teroneng, bo ile ba bopa lefats’e le tsohle tse ho lona. Ho tsoa leratong la hae, O ile a bopa motho ka sebopeho le sets’oano le Eena, eaba o mo beha ts’imong e ntle ea Edene. Motho o ile a siteloa Molimo ka ho se mamele litaelo. Eaba ho sitoa hoo, ea eba ho bitsoang sebe,  eaba sebe se arohanya motho le Molimo. Molimo ha motho a sa sitiloe, a mo laela hore a etse sehlabelo ka phoofolo e nyane e senang sekoli bakeng sa libe tsa bona. Mahlabelo ao kaofela a ileng a etsoa nakong eo, ha li ka tsa hlakola libe empa e ne ele seriti feela sa sehlabelo sa sebele, seo Molimo a ne a tla fan aka sona tefellong ea libe tsa bohle. ‘Me Molimo o ne a tla romela mor’a hae Jesu Kreste, lefats’eng hoba Eena sehlabelo le pheko ea libe tsa batho bohle.

Maria Le Lenyeloi

The angel speaks to Mary

Lilemo tse likete tse ‘ne ha morao, motseng oa Nazaretha, ho be ho phela moroetsana ‘me lebitso la hae ele Maria. O ne a lebelelitsoe lenyalo ke Josefa. Eaba ka letsatsi le leng, lenyeloi le ithlahisa ho moroetsana Maria, ‘me la mo tsebisa hore o tla tsoala, a emole ngoana ka mohlolo, ‘me ngoana eo o khethehile. Eaba le mo tsebisa hore ngoana o tla reoa lebitso la Jesu. Lenyeloi la mo tsebisa hore ngoana ha na hoba le ntata’e oa mali, empa e tlaba Mor’a Molimo. Hobane Maria o tla emolisoa ke Moea o Halalelang eseng monna.

Tsoalo Ea Jesu

Qetella litaba tsa: Mpho Ea Molimo: Pale Ea Keresemese

The star shining over Bethlehem

Ka mora ketelo eo ea lenyeloi, Josefa le Maria ba ile ba nka leeto ho ea Bethlehema oa Judia ka nako ea ho lefa lekhetho.  Eitse ha ba fihla Bethlehema, teropo e ne tletse litila-tila tsa batho. Ba ile ba sokola ntlo ea boroko, ‘me ba lokela ho robala setaleng sa liphoofolo. ‘Me bosiung boo, ke ha Jesu a tla tsoaloa. Maria o ile a phuthela ngoana Jesu hantle eaba o mo beha ka hara sejelo sa liphoofolo.

Balisana

Angels bring glad tidings to the shepherds

Ka bosiu bo lesea le tsoetsoeng ka bona, Thabeng ka theko ho motse, hobe ho le teng balisana ba sa shebile mehlape ea bona ea linku. Lenyeloi la ba hlahela, eaba khanya ea Molimo e ba teela hare. Lenyeloi la re ho bona: “Se ts’abeng, hobane bonang ke le bolella thabo e kholo, ee e tla ba ea sechaba kaofela. Bosiung bona ‘le tsoaletsoe Moloki motseng oa Davida. Ke Jesu Kreste, Morena. Le tla fumana ngoana a phuthetsoe, a robalitsoe sejelong. Eaba bongata ba makhotla a manyeloi  a boka Molimo a re: “Khanya e be ho Molimo maholimong a holimo, khotso ebe lefats’eng “. Eitse ha manyeloi a sa tlohile, balisana ba siea mehlape ea bona, ‘me ba potlakela Bethlehema. Ba fihlela ho le joaloka ha lenyeloi le ba bolelletse, hore na ho tlaba joang ho fihleng hoa bona.

Banna Ba Bohlale

The wise men bring their gifts

Jesu eitse ha tsoaletsoe Bethlehema oa Judea, banna ba bohlale ho tsoa naheng e ngoe, ba fihla Jerusalema. Eaba ba botsa bare: “O kae ea tsoetsoeng Morena oa Ba-Juda?” Hobane re bone naleli ea hae bochabela, ‘me re tlile ho mo khumamela”. Eare ha morena Heroda a utloa a ts’oha haholo. ‘Me a bokella baprista le baruti ba molao. Ba ‘molella, ba re: “Baporofeta ba buile ba re: Morena o tla tsoalloa Bethlehema. Morena Heroda a rom aba bohlale ho tsoma Morena ea tsoetsoeng. Eare ha ba bohlale ba tlohile Jerusalema, eaba naleli e ba etella pela, ea ema holim’a moo ngoana a leng teng, ‘me ba fumana ngoana Jesu. Eaba ba oa ka mangole, ba mo khumamela, ‘me ba phutholla matlotlo a bona, ‘me ba mo nts’etsa limpho tsa khauta, le libano, le mira. Eitse ha ba senoletsoe ke Molimo ka toro, hoe ba se ke ba boela ho Heroda ea khopo, ba khutlela naheng ea bona ka tsela esele.

Lebaka La Mpho Ea Molimo

Jesu e ne ele Mor’a Molimo ka sebele. O ile a phela a sena sebe, a phethahetse litseleng tsa hae tsohle. Jesu ha a le lilemo tse mashome a mararo a qala ho ruta batho ka Molimo, Ntata’e. O ile a etsa mehlolo e mengata, lifofu tsa bona hape, a folisa batho ba bangata mafu a mefuta le hona ho tsosa bafu. Ka holimo ho tsohle, a ruta hore na motho a ka ruoa ‘muso oa maholimo le hoba le bophelo bo sa feleng joang. Eaba o qetella ka ho fana ka bophelo ba hae hoba pheko ea libe tsa lefats’e lohle.

Bibele ho Johanne 3:16 e re: “Hobane Molimo o ratile lefats’e hakalo, o bile a le nea Mora oa Oona ea tsoetsoeng a ‘nosi; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo bo sa feleng” Jesu o tlile lefats’eng ho tla shoa, hore e tle ebe eena sehlabelo sa bohlokoa. Ka lefu la hae, Jesu, o lefile tefo bakeng sa libe tsa rona bohle. ‘Me ha ho sana lebaka la ho etsa sehlabelo se seng bakeng sa libe. ‘Me sena e ne ele phethahatso ea tsepiso ea Molimo bakeng sa ho romela ‘Moloki lefats’eng.

Jesus on the cross

Leha ele mona Jesu a ile a bolaoa ke batho ba babe, ba khopo, lefu le lebitla ha li na matla holima hae. Kamora matsatsi a mararo, o ile a tsoha a hlotse, ‘me a tsoa lebitleng. Kamora matsatsi a tsohile, Jesu o ile a ithlahisa, ‘me a bonoa ke batho ba bangata. ‘Me hamorao, ha sa hlohonolofalitse barutuoa ba hae, eaba o nyolohela leholimong.

Ha re khetha ho lumela le ho nehelana ka maphelo a rona ho Morena Jesu, mali a hae a bohlokoa a khona ho re hlatsoa sebe sohle. Joale ha re khetha ho amohela mpho eena ea pholoho, re boelangoa le Molimo hoba bana ba hae. Morena Jesu eba mopholosi, ‘me re ba lehlohonolo ka hoba bana ba Molimo. Ka letsatsi le leng Jesu oa tla. ‘Me o tla nka balumeli le bahalaleli bohle le eena ho ea leholimong. ‘Me ba phela le Molimo ka ho sa feleng.

Hokahana le Rona

Kopa libukana