Karabo Bakeng Sa Hao

Jesus at the well

Na oa tseba hona le Motho ea tsebang ntho e ngoe le e ngoe ka uena? Morena Jesu, Mor’a Molimo o tseba lintho tsohle tseo u li entseng. Ke Eena ea hlolileng lefats’e le tsohle tse ho lona. O tseba liketsahalo tse fetileng, tsa kajeno, le tsa kamoso. ‘Nete ke hore o oa u rata ebile o tlile lefat’seng ho u lokolla le ho u pholosa bophelong ba sebe. Jesu ona le morero ka bophelo ba hao, ho u tlisetsa thabo le nyakallo.

Bebele e re bolella hore ka tsatsi le leng Jesu o ne a nke leeto le metsoalle ea hae. A fihla motsaneng o mong oa Samaria. Eaba Jesu o lula fats’e a phomola pela seliba ha metsoalle ea hae e kena motsaneng ho ea reka lijo. Eitse ha Jesu a ntse a lutse moo, eaba ho hlaha mosali a tlo kha metsi selibeng seo. Ke moo Jesu a ileng a mo botsa “Na u ka nkhella metsi ke noe?

Qetella litaba tsa: Karabo Bakeng Sa Hao

Mosali ka ho makala hohle “O re ke o fe metsi o noe?” ke mosali eo a botsa. “Na oa tseba hore ke Mo-Samaria ‘me Ba-Jude ha ba isane le rona hantle?” ho rialo Mosali ea tlo kha metsi.

Jesu ka bonolo bohle a mo arabela a re: “Hoja eba u ne u tseba Molimo le eo u ntseng u buoa le Eena, U ka be u kopile hore ke u fe metsi a bophelo. ‘Me nka be ke u etselitse seo ka nyakallo eohle eo ke nang le eona.

Ke moo mosali a ileng a talima Jesu ka ho makala. “Mongahali” ho rialo mosali “ Seliba sena se tebile, ‘me ha hona se khang, ebe metsi a bophelo oona u ka mpha oona joang?” 

The woman running to town

Jesu a araba hape a re: “Bohle ba noang metsi a tsoang selibeng sena ba tla nyoroa hape. Empa ha u ka noa metsi ao ke fanang ka oona, o ke ke oa hlola u nyoroa hape”

“Tsamaea u ilo bolella monna oa hau ‘me u be u khutlele koano” ho rialo Jesu.

“Ha kena monna” ho rialo mosali

Eaba Jesu  re ho eena: “U boletse hantle. Ha u itse ha u na monna, u  kile oa ba le banna ba bahlano, ‘me eo u nang le eena ha joale hase monna oa hau”

Ho tla joang hore ebe monna eo o tseba hakaale ka nna, mosali oa Mo-samaria ka ho makala “Mongahali, ke bona hobane u moporofeta. Ka hoo kena le potso bakeng sa hao. Batho ba heso ba rapetse le ho khumamela Molimo n’galong eena. Empa lona Ba-Jude le re Jerusalema ke eona n’galo ea khumamelo le thapelo.”

Eaba Jesu o mo bolella a re: “Seo eleng sa bohlokoa hase n’galo eo batho ba khumamelang ba le ho eona, empa ho qala kajeno bakhumameli ba ‘nete batla khumamela Ntate ka Moea le ka ‘Nete.

“Kea tseba hobane Messia ea bitsoang Kreste ,o oa tla. ‘Me ha se a tlile o tla hlalosa tsohle tse boletsoeng ke baporofeta.  Ho rialo mosali oa Mo-samaria.

Eaba Jesu o re ho eena: “Ke ‘na, ea buoang le oena”

Eaba mosali o siea nkho ea metsi,a ea motseng, a re ho batho: “Tlohong , le bone motho ea mpoleletseng tsohle tseo ke li entseng. Na e ke se be ke eena Kreste na?”

Eaba batho ba tsoa motseng ho ea khahlana le Jesu, ho boha na ke motho ea joang. ‘Me batho ba bangata ba lumela hoba ke eena Kreste, le mopholosi, hobane a tsebile tsohle ka bona. U ka ipalla litaba tsena kaofela evangeling ea Johanne 4:3-42.

Jesus teaching the crowd

Jesu Kreste o tseba ntho e ngoe le ngoe ka rona lefats’eng mona, ekaba ke tse ntle kapa tse mpe. Ka nako e ngoe re ka leka ka matla ho pata lintho tsohle tse mpe tseo re li e ntseng maphelong a rona empa re ka se patele Morena Jesu letho. Jesu o tlile lefats’eng ho tla re pholosa kahlong e neng e re loketse bakeng sa bobe le bokhopo ba rona. ‘Me Jesu a ka nka boima bohle bo lipelong tsa rona ‘me a re fe khotso. O ile a shoa sefapanong hore a tle a nke libe tsa rona tsohle ele ho etsa hore re be le monyetla oa hoba le lehae leholimong ha re shoa lefats’eng lena.

Jesu Kreste ke eena karabo ea litlhoko tsohle le lipotso tsohle tseo u nang le tsona. O lakatsa hoba motsoalle oa hau. ‘Me o batla ho koala sekheo seo se pelong ea hao. A ka tlosa ts’abo le ho hloka botsito tseng leng bophelong ba hau a u fe khotso le khutso.

Jesu o bitsa bohle ‘me o re: “Tlohong ho nna lona bohle… ‘me ke tla le tla fuoa phomolo le khutso” (Mattheu 11:28) U lokela ho mo rapela le ho mo kopa ho kena bophelong ba hao. Hang ha u amohela Molimo eo a moholo ka tumelo, eba joale O lula le uena le uena le Eena, O etsa lehae pelong le bophelong ba hau. Boteng ba Hae bophelong ba hau eba bo o tlisetsa thabo e khapatsehang. ‘Me O tla u matlafatsa le ho u fa sepheo sa ho phela bophelo bo mo khahlang. Jesu e tla fela ebe karabo bakeng sa hau.

Hokahana le Rona

Kopa libukana