Matla A Lefifi

Ho Lemoha Maqiti a Satane, Ka ho a Chabisetsa ka Leseli la Lentsoe la Molimo

Sepheo sa Bibele e halalelang hase ho tsepamisa maikutlo kapa ho buoa ka Satane le mesebetsi ea hae. Empa leha ho le joalo, re fumana hangata bibele e pepesa le ho beha pooaneng semelo le mesebetsi ea hae.

Satane tsimoholong o qalile ele lenyeloi, empa eaba o tlaloa ke boikhomoso a ba le borabele ho Molimo, ea mo e ntseng. Eaba o batla ho lekana le ho tsoana le Molimo.  Litloaelo tsa liketsahalo tsa ‘muso oa lefifi oa Satane ha li ncha, esale a ne a li qale ho tloha tsimolohong. Esele a etsa liteko tse ngata khahlanong le ‘muso oa Molimo ho leka ho ketola. O fana ka tsela ea ho fihlela seo Molimo, a se entseng ka matla a Moea o Halalelang, ho fana ka matla a batemona.

Re bala bukeng ea Exoda, ka tsela eo linooe tsa Egepeta, li ileng tsa sebelisa matla a boloi, ho leka ho etsisa mehlolo eo Molimo a ileng ae etsa ka letsoho la Moshe. ‘Me bukeng ea Jobo, Satane o behoa pooaneng  ka monela Jobo, ka hore Molimo o mo sirelelitse. O ile a sebelisa bokhopo le ka tsenyo ea thepa, ho leka ho etsa hore Jobo a rohake le ho furalle Molimo.

Mekhoa ea Satane a bonahatsoa ka: ts’abo, lits’oso, lits’episo tsa matla kapa menate, liqabang le lipelaelo. Tse ling tseo a li hlahisang ho rona, li ee li hlahe eka li molemo, ebile li lakatseha. O qholotsa hore; “Na o rata ho tseba se tlang ho hlaha kamoso, kapa hona hoba le tseo ba bang ba lakatsang hoba le tsong?” O bile o tsepisa batho pholo le pholiso e hlola ho utloisisoa le ke Bo-ramahlale. Boithuto ba motsamao oa letsatsi, khoeli le linaleli kapa bolepi le bonooe li bonahala e le ntho tse senang kotsi kapa bobe, ha morao ho latela tsebetso ea matla a boloi ka ho ela linao, matsatsi le lihloliloeng tse ling, le ho hlompha lipalo le linomoro tsa mahlohonolo. Maikutlo e le hore tlisa kutloisiso ea hore meea e meng e lokela ho hlomphuoa le ho ts’ajoa, hobane e kaba le mang holima batho. ‘Me ebe satane o tsoasa ba seng hlokolosi ho lumela meeeng e joalo ka ho ba kenyetsa ts’abo.

Batho ka bongata ba iphumana ba le thahasellong ea lintho tseo qalehong li shebahalang li khahlisa kapa hona ho khahleha.  Ba bang ba ile ba leka: Ho baloa hoa liatla tsa bona, Ho sheba seipone sa ngaka tsa setso, Ho hlabela bafu liphoofolo. Le tse ling tse tsoanang tse tsona. Ba ipehile tlokotsing ka lebaka la ho rata tsebiso ea meea e lits’ila, ‘me ba ipaketse mathata a mangata.

Sepheo sa Satane ke ho hohola, a qetelle ka ho senya tumelo ea Bakreste ho Molimo. Mokreste o fumana tlhola ka ho ba le tumelo ho Kreste,Kreste a inotši. Tabatabelo ea ho tseba tse sa tsejoeng kapa takatso ea matla e susumetsa motho hore ka nako e ‘ngoe a bapale ka lintho tsa lefatše la bosatane. Ho itšepela Molimo ho tlisetsa motho phomolo le ka tse sa tsejoeng le hore a itšepele ka ho phethahala, matla a Kreste.

Qetella litaba tsa: Matla A Lefifi

Taba e qalileng ele thahasello kapa ho batla ho ba le maitsebelo e tšoasisa motho ka tepo ea tšabo, tšabo ea se ka etsahalang, tšabo ea matla a maholo, tšabo ea batho ba bang, tšabo ea Satane ka boeena. Litšabo tsena li khurumetsa motho ea itumelletseng ho kena masaoaneng. Satane o ipaka a na le pheko bakeng sa litšabo tsena. O fana ka matlanyana ha motho a ikobela lipehelo tse itseng. O re pheko ea tšabo ea meea e meng ke maruo kapa matla. Ke moo motho a neoang ka mekhahlelo e latellanang, matla ao ho ena le hore a mo fe khotso e fetisang, a kenang tebetebeng ea manyala a bosatane. Tšireletso eo Satane a e tšepisang ha e eo, ho tloha moo o nonosa motho tšireletso ka matla a mang hape a fetang a teng, ‘musong ona o khopo. Ena ke eona tsela ea tšebetso ea bokhumameli ba Satane.

Morero oa Satane ke ho ipeha sebakeng sa Molimo. Satane o hlotsoe ke Molimo hore a khumamele, eseng hore eena a khumameloe. Ha a na matla ‘ohle; a ke ke a hlola konyana ea Molimo; a  ke ke a fana ka tšireletso, ha a batle re phele hantle re iketle. Le ha ho le joalo o ntse a tsoelapele ho sebelisa matla holima batho, ho etsa hore ba mo sebeletse. O leka ho hlokisa batho tšepo ho Molimo le ‘muso oa hae. O leka ho ikhahela ‘muso oo eena e tla ba morena ho oona. Tsena o li etsa ka tšabo le tšepiso ea matla ao a senang ’ona. O etsa limaka ho etsa hore batho ba mo hlomphe le ho mo tšaba(2 Bakorinthe 11:14-15). Litlamorao tsa mekhoa ena ea hae ke ho luka khotso bathong, malapeng le mebusong. O bofa batho, o ba etsa hore ba ikutloe ba le tsietsing ha ba leka ho tšoasoloha.

Satane ke sera se bohloko ka ho fetisisa, se soele ka ho fetisisa, se mano ka ho fetisisa, le se khopo ka ho fetisisa seo u nang le sona. Ha a na boitlhompho hohang. Ke raleshano, ‘me ‘nete ha e eo ho eena- “hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano”(Johanne 8:44). Ke ‘molai ebile ke mosenyi. Ke motso oa lehloeo le bobe. O khopo ‘me botle le bo bonyane feela ha bo eo ho eena.

Satane ke mohlohleletsi oa bobe. Ha ho tlolo ea molao kapa sebe se sebe se litšila haholo bakeng sa hae. Ke eena ea bakang lehloeo lohle, lipolao tsohle, tlhekefetso eohle ea bana le basali, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi eohle, manyala ‘ohle, ho pshatleha hohle hoa malapa, liqabang tsohle, boloi bohle, bomenemene bohle. O thabisoa ke ho baka lipolao ka lebaka la likamano tsa lerato le tlolo ea molao e etsoang khahlanong le ba senang molato ba mpang ba oela matsohong a ba khopo. O soele ebile ha a na qenehelo le lereko. Tšollo ea mali le lefu ke lisebelisoa tseo a fihlelang se a se batlang ka tsona. O tlile “ho utsoa, ho hlaba le ho timetsa” (Johanne 10:10).

Bosafeleng ba Satane bo reruoe khale. Ho na le sebaka sa mollo o sa feleng se hloletsoeng eena le manyeloi a hae (Matheu 25:41). Thahasello ea hae ke ho lopetsa bongata ba batho hore ba ilo hlokofatsoa le eena. O oa tseba hore a ka etsa sena ka ho nyelisa le ho senya tumelo ea rona ho Molimo. O tla etsa sena ka ho phephetsa phatlalatsa lentsoe la Molimo kapa ka ho khothaletsa ka masene, bofoofo, bohlasoa le ho se ele hloko Bokreste.

Hona le tokoloho litlamong tsa Satane. O u etsa hore u lumele hore ha hona tsela ea ho tsoa litlamong tsa hae. Bibele e re bolella hore Morena Jesu o tlile ho lokolla bohle ba tlamiloeng. O tlile ho fana ka bophelo. Morena Jesu ke eena tsela, le ‘nete le bophelo (Johanne 14:6). Bophelong bah ae, Jesu haa le lefats’eng, O bonts’itse matla ao a nang le ona holima Satane ka ho hanela meleko ea Satane le ka ho leleka meea e lits’ila ka lentsoe la Molimo (Mattheu 4:1-11, Mareka 9:25-26). Morena Jesu o hlotse matla a Satane ka ho shoa sefapanong, le ka ho tsoha bafung.

Na re ka fumaneha sebakeng sa ho fumana tlholo ee, le ho hlola sera se seholo sa meea ea rona? Ntlha ea pele re lokela ho elellloa hore re hapiloe ke Satane le hore re tlanngoe ke ts’abo ea hae. Re lokela ho lumele hore hona ke ho siteloa Molimo hape re lahlehile ha re ikhethela ho lula boemong boo. Ha eba re a eba re elelloa hore ha re khone ho itokolla litlamong tsa Satane, re lokela ho lla ho Molimo ka lipelo tsohle tsa rona hore a re lokelle. Re lokela ho baka le ho furalla libe tsa rona. Ka tumelo, re lokela ho amohela Mali a lopollang a Morena Jesu Kreste sebakeng sa libe tsa rona. Re lokela re inehele ho Molimo, re be re amohele ts’oarelo e tsoang ho Eena, hape re utloe lentsoe la Hae. Ka ho etsa tsena tsohle U re fa khotso, A be a khutsise ho ts’oenyeha ha lipelo tsa rona, A tsoarele libe tsa rona, A re fe le semelo se secha, joale re be bana ba Hae ka sebele. Sena ke sona tlhaloso ea ho tsoaloa la bobeli. Motho ea hanang pitso ea Molimo o ntse a le ‘musong oa Satane, ‘me mothetsi e leng Satane o tla ea le motho ea joalo timelong. Ha eba u sa utloisisi morero oo Molimo a u etselitseng ona, ithute Lentsoe la Molimo, u be u mo rapele ka ‘nete eohle, Eena u tla u bonts’a tsela. Molimo o u bitsetsa ho Eena, ‘me u batla hore u tsoe litlamong tsa Satane. Molimo a u hlohonolofatse. Bala Pesalema 91]

Tseo o ka li balang:

Luka 11:20-23 …….. Ea matla ho feta Satane

Ba-Roma 6:20-23 ... Tokoloho sebeng

Esaia 61:1…………..Tokoloho ea bathopuoa

Ba-Roma 8:1-2 ….…Tokoloho tsuoong

Hokahana le Rona

Kopa libukana