Khotso Maikutlong Hara Lefats’e Le Tsoenyehileng

Peace

Qetella litaba tsa: Khotso Maikutlong Hara Lefats’e Le Tsoenyehileng

“Khotso, e kae khotso - bakeng sa lichaba tsa lefats’e, malapa a rona, ka ho fetisisa khotso le botsitso maikutlong le mehopolong ea rona” Sello sena sa pomela se utloahetse melokong eohle ea ho phela hoa batho lefats’eng. A na see ke sello sa pelo ea hao? Batho ba khathetse ebile ba tsoenyehile ruri. Ntle le qeea-qeeo bohloki bona, bo teng ba ho tataisoa, ho eletsoa, le ba tsireletso, le bona boits’epo. Kannete ehlile re hloka le ho laba labela, khotso le botsitso mehopolong ea rona. Boiketlo ba maikutlo – ke letlotlo le leholo! Na feela letlotlo le le kaale le ka fumaneha lefats’eng le tletseng likhohlano, pherekano, lisuoa le mathata a mangata hakaale?

Batho ba lefats’e ba tsoile lets’olo! Bongata ba batho ba tsomana le boiketlo ba maikutlo,  maruo a bona, botumong ba bona, boithabisong le matleng le maemong a bona, thutong le ts’ebong tsa bona, le likamanong le lenyalong. Ba thahasella haholo ho ruoa ts’ebo le ho bokella maruo a mangata empa meea ea bona ha ee khotsofale ke tseo tsohle. Ba bang ba leka ho hlola liphephetso le liqholotso tsa lefats’e ka ho ts’abela tsebelisong ea lino-tai le lithethefatsi, empa le ha ho le joalo ba paloa ke ho bona khotso le boiketlo maikutlong a bona. Ba sala ntse ba hloname ebile ba le bolutu, ba le lefats’eng le tsoenyehile ka maikutlo a tsoenyehileng le bona.

Motho ea hlophehileng

Tsimolohong mOLIMO u ile a bopa motho ‘me a mo beha serapeng se setle a tletse khotso le thabo, maikutlo a hae a tsitsitse. Empa mohlang Adama le Eva ba sitetsoeng Molimo, ba ile ba ipona bofeela, eaba ba ikutloa molato. Ha pele bobeli ba ne ba labalabela boteng ba Molimo eaba ka mora ho mo siteloa ba ts’aba le ho ipatela boteng ba hae. Eaba joale lets’oalo la molato le ts’abo e kholo li ba lahlisa thabo, khotso ke boiketlo ba maikutlo tseo ba kileng ba li latsoa boteng ba Molimo. Sebe seo motho a ileng a se etsa ebile sona sesosa sa lefats’e le hlophehileng le ho hlopheha hoa maikutlo.

Le hoja meea ea rona e labalabela Molimo hakaalo, empa semelo sa rona sa boetsalibe, eba borabele ho litsela tsa Molimo. Khula-khulano e aka hare, maikutlong a motho ke sona sesosa sa likhohlano le ho lubakana hoa maikutlo. Ha rona, joalo feela ka Adama le Eva re ikhaba ebile re inahana borona , ebile re le likhang, eba joale re tlaloa ke lipelaelo le ho sareloa. Ha re tsoelapela ho icheba borona, e ba re hlopheha le ho feta.

Khotso Ea Sebele Lefats’eng Le Hlophehileng

Khotso, e hokae khotso ea sechaba sa rona, ea malapa a rona, ka hofetisisa ea lipelo le likelello tsa rona? Sello se na sa tlokotsi se hlomolang se utloaehetse ho tloha mengoaheng. Na ha se so sello sa pelo ea hau?

Batho ba imetsoe le hona ho ts’oenyeha. Ntle le pelaelo, ho na le tlhokahalo ea botataisi le tlhabollo, ts’ireletso le boits’epo. Re hloka le ho batla khotso ea sebele.

Khotso ea sebele- letlotlo la kelello! Na letlotlo leo le ka fumaneha lefats’eng le tletseng likhohlano, ho nyahama, mofere-fere le mathata?

Ho batlisisa ho qalile! Boholo ba batho ba batlana le khotso botumong, mahlohonolong, menateng le matleng, thutong le tsebong, likamanong le batho ba bang le lenyalong. Ba labalabela ho tlatsa lihlooho tsa bona ka tsebo, le mekotla ea bona ka leruo, empa meea ea bona e sa ts’ela letho. Ba bang ba batla ho baleha linnete tsa bophelo ka ho sebelisa lithetefatsi le joala, empa khotso eo e ea batsoa. Ba lutes ba ntse ba sena letho hape ba bolutung ka ha ba ntse ba le lefats’eng le tletseng mathata hape le likelello tsa bona li hlophehile.

Motho ka har’a mofere-fere

Molimo o entse motho a ba a ‘meha serapeng se setle hore a natefeloe ke khotso ea sebele, thabo le nyakallo. Letsoalo la molato le ile la otla Adama le Eva mohla ba siteloang Molimo. Ha pele ba ne ba labalabela boteng ba Molimo, re bona ba se ba ipatile ke ts’oabo. Molato le letsoalo li tlositse khotso le thabo eo ba neng bana le eona. Sebe sa motho e ile ea eba sona qaleho ea lefats’e le nang le mathata le kelello e nang le mathata.

Le ha moea oa rona o labalabela Molimo, motho oa rona oa nama o loana le litsela tsa Hae. Ntoa ena e ka hare e baka likhula-khulano le mats’oenyeho. Joalo ka Adama le Eva, le rona ha re inahana rona feela litakatsong le maikemistsong a rona, rea ts’oha le hona ho ts’oenyeha. Ho tsepamisa maikutlo ho rona haholo ho tla etsa hore re ts’oenngoe haholo. Lintho tse sa tsitsang tsa bophelo, le lefats’e le fetohang hape le bolang li sisinya ts’ireletso ea rona le ho luka khotso ea rona.

Leha e ba ha u so hlokomele kapa hona ho amohela, sebe e kanna ea eba lona lebaka la hau la ho hloka bolokolohi kapa eona khotso. Boholo ba batho bo batlana le lintho ka ntle hape e le lintho tse ts’oarehang hore ba fumane khotso. Ba beha molato ho lefats’e le senang khotso e le lebaka la ho hloka khotso hoa bona.

Jesu Kreste orena ooa khotso

Ha hona khotso hofihlela likarolo tsohle tsa bophelo li sebetsa hammoho le hamonate le Eo a re entseng le hore utloisisa. Hona ho oa fihleleha ka ho inehela kaho felletseng ho Kreste. Hase feela Morena oa lefats’e empa O re tseba ho tloha qalong ho isa qetellong. Mohopolong oa Hae e ne ele rona nakong eo a tlang lefats’eng “ho bonesetsa ba lutseng lefifing le moriting oa lefu, ‘me a tsamaise maoto a rona tseleng ea khotso.” (Luka 1:79).

Jesu o fana ka khanya sebakeng sa lefifi, ka khotso sebakeng sa lintoa, ka thabo sebakeng sa masoabi, ts’epo sebakeng sa ho nyahama, le bophelo sebakeng sa lefu. O re “ke le siela khotso, ke le fa khotso ea ka… lipelo tsa lona lis e ferekane, ‘me le se ts’ohe” Johanne 14:27

Pako e tlisa khotso ea kelello

Ha u utloa u imetsoe ke sebe, se u tutlela tlase, pheko ke ho baka… hape u fetoloe hore libe tsa hau li tle hlatsuoe. (Liketso 3:19). Morena Jesu o u mema hore u be le boitsebelo ba bophelo bo fetohileng hape bo nang le moelelo. “tlohong ho ‘na lona bohle ba khathetseng; ba imetsoeng, ‘me ke tla le imolla” (Matheu 11:28). 1 Johanne 1:9 e ts’episa hore, “ha re ipolela libe, Kreste o oa ts’epahala, hape o lokile hore a re ts’oarele libe tsa rona, ‘me a re hlatsoe makhopo ohle”. Na u ka amohela memo eo?

Ha u tla ho Jesu o fumana tsoarelo le tokoloho. Ha u ne u lokeloa ke khalefo le ho se ts’oareloe, pelo ea hau e tlatsoa ka lerato le mohau. Ka lebaka la hore Jesu o tla be a busa pelo ea hau, u tla rata le lira tsa hau. Sena sea fihleleha ka lebaka la mali a Jesu a lopollang.

Khotso e hlolang

Joalo ka Mokreste ho lumela Molimo le ho ts’epa tlhokomelo ea hae, ke tsona pheko ea letsoalo le mats’oenyeho. Ho khatholla hakakang ho ts’epa Molimo ea sa fetoheng ho tloha bosahlaheng ho isa bosafeleng. O oa re rata ebile O tla lula a re khathalla. Joale hobaneng u ts’oenyeha le hona ho ts’oha? Ithute ho etsa ka 1 Peterose 5:7, ”lahlelang lipelaelo tsa lona ho Eena hobane O oa le tsotella” re na le ts’episo e ‘ngoe hape; “…u tla mo boloka khotsong e fetisisang kahobane o U ts’epile” (Esaia 26:3)

Ha Jesu Kreste a se a le ka pelong ea hau, ha hosa hlokahala hore u ‘no batlane le khotso kae kapa kae. O tla u fa khotso le khutso e tlang ka lebaka la ho mots’epa. U tla roka le uena, u re;

“Ke tseba khotso moo khotso e leng sieo

Khutso moo meea e matla e fokang

Sebaka sa lekunutu mpo sefahleho sa ka se shebileng

Le Morena oaka nka tsamaea”

-Ralph Spalding Cushman

U tlaba le khotso e hlollang lefats’eng le hlophehileng! Bulela Jesu mamati a pelo ea hau – hona joale – hobane ka le leng la matsatsi, O tla u bulela mamati a leholimo moo khotso ea sebele e tla rena ka ho sa feleng.

Hokahana le Rona

Kopa libukana