Mopholosi Oa Hau

The prodigal son asking his father for his inheritance

Ana u motho ea thabileng bophelong? Ts’abo le letsoalo la molato li ka nka thabo ea hau. U bile u ka ipotsa hore na; “ebe ke joang u ka lulang u thabile?

Ke na le litaba tse monate hape li le molemo bakeng sa hau. Hona le motho ea ka u thusang .  Motho a ka u tsoarela libe tsohle ‘me a u fa thabo e sa feleng. Lebitso la Hae ke Jesu. Ha nke ke u qoqele ka Eena. Ntata’e, eleng Molimo, ke Eena ea hlolileng lefats’e, a ba etsa tsohle tse ho lona. ’Me batho bohle ‘mopo oa liatla tsa Hae.

Molimo oa re rata. O rata motho e mong le e mong lefats’eng. Molimo o re rata hoo a bileng a romela Mora oa hae Jesu, ea inosi, lefats’eng . Ha Jesu a ne a le lefats’eng, u ile a folisa ba kulang, a ts’elisa ba hlomohileng. Lifofu le tsona tsa bona. O ile a ruta batho litaba tse ngata haholo ka tsa ‘muso oa Maholimo.

Qetella litaba tsa: Mopholosi Oa Hau

Jesu o ne a batla hore rona batho re utloisise lerato le leholo leo Ntate a re ratang ka lona. O kile a ruta ka setsoantso ho hlalosa lerato la Molimo ntatae ho batho. O ka bala qhotsulo ea litaba tsa setsoantso bebeleng ho LUKA 15:11-24. E re:

“Le hona a re: Motho oa horeng o ne a na le bara ba babeli. E monyenyane oa bona a re ho ntatae: Ntate, mphe karolo ea letlotlo eo e tla ba ea ka. ‘Me a ba arolela lintho tsa hae. 

Ha feta matsatsi a se makae, mora oa hae e monyenyane a bokella tsohle, a fallela naheng e hole, a qhalanya letlotlo la hae teng ka ho phela ka bohlola. Eitse hobane a qete tsohle, ha oa tlala e kholo lefats’eng leo; ‘me a qala ho hloka. A ea tholoa ke e mong oa batho ba naha eo; eo a mo romela merakeng ea hae ho alosa likolobe. O ne a lakatsa ho khorisa mpa ya hae ka makhapetla a jeoang ke likolobe; empa o ne a sa fuoe ke motho.

The prodigal son feeding the pigs

Eaba moo a ikhopolang, a re: Bahlanka ba bangata hakakang ha ntate ba hloloang ke bohobe; ‘me nna mona ke bolaoa ke tlala! Ke tla tsoha, ke ee ho ntate; ‘me ke tla re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le oena; ha ke sa tshwanela ho bitswa mora oa hao; o nketse ea joaloka e mong oa bahlanka ba hao. 

Eaba o tloha, a ea ho ntatae. Eare ha a sa le hole, ntatae a ‘mona, a mo utloela bohloko, a matha, a itihela molalengoa hae, a mo aka. Empa mora a re ho eena: Ntate, ke sitetsoe leholimo le oena, ‘me ha ke sa tsoanela ho bitsoa mora oa hao.

Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: Phakisang, le tlise seaparo se selelele sa bohlokoa, le mo apese sona; le mo kenye lesale monoaneng, le be le mo roese lieta maotong; ‘me le tlise namane e nontsitsoeng, le e hlabe, re tle re je, re nyakalle. Hobane mora enoa oa ka o ne a shoele, ‘me joale o boetse o pholohile; o ne a lahlehile, ‘me joale o boetse o fumanoe.’ Me ba qala ho nyakalla.”

The father welcoming the prodigal son home

Rona kaofela lefats’eng re joaloka Mora enoa; re ile ra lahla Molimo, Ntat’a rona. “Hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba tsoaneloe ke khanya / ho bitsoa bana ba Molimo” BA-ROMA 3:23

Re sentse le hona ho bapala ka menyetla le le lintho tse ntle tseo neng re li filoe. Ra phela ka boikhabi le ipeha bora ho Molimo. Kajeno Ntata rona ea Maholimong o re biletsa le ho re memela ho tla ho Jesu. O re emetse ka liatla tse bulehileng hore amohela. Jesu o re bontsitse lerato la Hae ka ho fana ka bophelo ba hae ele sehlabelo bakeng sa libe tsa rona le tsa lefats’e lohle. O ile a utloisoa bohloko a lahloa, ‘me a lesa batho ba khopo hore bam o khokhothele le ho mo thakhisa sefapanong. Empa ka matla  Molimo o ile a tsoha bafung ‘me o phela ka ho sa feleng.

Tloho ho Jesu ‘me u mo kope ho ts’oarela libe tsa hau. Hang ha bona ho soaba hoa hau bakeng sa litlolo le bokhopo ba hau.  O tla u ts’oarela ‘me a u hlatsoe libe ka mali a hae a ile a ts’oloa sefapanong. Hona e tlaba boitsebelo bo makatsang le ho hlolla, ‘me u tlaba ‘mopuoa e mocha. Bophelo ba hau bo tla nka mothinya  le moelelo o mocha.Morena  Jesu o na le bokhoni ba ho re buseletsa khotso le nyakallo e makatsang bakeng sa ts’abo le letsoalo la molato tse tsoereng maphelo a rona. ‘Me e tlaba Eena Molopolli le Mopholosioa hau.

Hokahana le Rona

Kopa libukana