Lerato—Tlhoko Ea Mantlha Ea Lefats’e Kajeno

Tlhoko Ea Mantlha Ea Lefats’e Kajeno

Lerato… ke lentsoe le monate ka puo efe kapa e feng e teng lefats’eng. Ebe le tlisang likelellong: Khahleho, tsotello, mofuthu, mosa, kutloisiso, polokekeho le tse ling? Empa inahanele e le uena, hantle lentsoe le monate lee, le bolellang? Na u batla ho ratoa? Uena na oa rata?

Molimo ke lerato, ‘me lerato la hae le ikahetseng ka lipelong tsa rona, le re ruta ho rata le ho ratoa. Molimo ke eena mohloli oa lerato, ‘me le kolla ho Eena. 1 John 4:16 e bale tjena; “‘Me rona re tsebile, re bile re lumetse lerato leo Molimo o re ratang ka lona. Molimo o lerato, ‘me ea lutseng leratong o lutse ho Molimo, ‘me Molimo le oona o lutse ho eena.” Ha hona motho ea tla atleha ho fumana lerato kapa ho ikutloela lerato, kantle le ho le batla ho Molimo, le ka Molimo.

Tse ling tsa lintho tse emang khahlanong le lerato ke: Lehloeo, ho se tsepahale, mona, le lintoa. Re lokela ho sheba maemo a mangata a tsoelapele lefats’eng lohle, le ka hara malapa a mangata ho utloisisa hore kannete hona le tlhokeho e kholo ea lerato.

Ebe oena u ikutloa joang? U utloa o ratoa ho lekana? Na o na le bohloko bo pelong ea hao, bolutu bo sa tloheng, hobane u utloa o sa khahlehe, o sa utloe mofuthu? Na ka nako tse ling u ee o utloe e kare ha hona motho ea o khathallang? Na o holetse ka hara lelapa la batsoali ba neng ba sa ratane, kapa ho rata bana ba bona? Maikutlo ana a tloaelehile kajeno lefats’eng, moo ntho e kapele ele boitsoaro ba boikhabi “ ‘Na pele!”. Boikhabi bo tsoaloa ke batho ba e ntsoeng ntho tse bohloko, ebe li ba etsa ba be pelo tse bohloko.

Lerato hase ts’uts’umetso feela e batlang ho khotsofatsa lithahasello tsa lona, ka ho utloisa  ba bang bohloko. Khahleho eena eo batho ba bang ba ee bitsang lerato, ke boikhabi hobane ke ho batla hore ho thabe uena feela. Lerato ha le tumise, boitsoaro ba ho icheba bo-uena feela.

Qetella litaba tsa: Lerato—Tlhoko Ea Mantlha Ea Lefats’e Kajeno

Ha re hlaheloa ke maemo a thata bophelong, hoo hase sesupo sa hore Molimo ha re rate kapa hona ho re ela hloko. Molimo ka nako e ‘ngoe o lumella maemo a thata ho re hlahela, molemong oa rona ho ithuta ho hong maemong a joalo. Motsoali ea nang le lerato la ‘nete ha se kamehla a fang ngoana seo a se batlang, empa o ee a time ngoana lintho tse ling, molemong oa ngoana eo.

Lerato le ints’a sehlabelo. Lerato la sebele le batla se molemo bakeng sa ba bang. Lerato le mofuthu, kutloelo-bohloko, le mosa. Ha eba feela re rata ele ka ‘nete, re tla hlokomela kajeno le kamoso boiketlo ba bohle ba re potileng pela rona. Monna ebile ele ntata bana, ea nang le lerato, o bonts’a khahleho ea hae ho mosali oa hae le ho bana. A ka etsa ka matla le ho iketsa sehlabelo bakeng sa polokeho,le  boiketlo ba lelapa la hae. Mosali le ‘m’e ea ratang ele kannete, o tla hlompha monna oa hae, a be a kenye ka ho bana ba hae tlhompho le lerato ho batsoali ba bona, le ho bona ele bana. O tla etsa lelapa le mofuthu, le bolokehileng. Jesu o ile a etsa mohlala oa lerato, ka ho shoa lefu le neng le sa mo tsoanele sefapanong.

Ha feela o utloa thloko ea lerato, ha eba o hlorile pelong, o ka fumana lerato la ‘nete. U ka fumana sena, ka ho fana ka bo-oena bohle ho Molimo. Molimo o rata ka pheello, tsotello e senang meeli. Oa u tsotella, ebile o batla ho arolelana le oena le ho u thusa mathateng ohle a bophelo. Ha u utloa o le bolutu, ‘me u lekanya hore, ha hona ea u tsotellang, u ka ba le bonnete ba ea nehelaneng ka Mor’a hae, bakeng sa mathata le ho ts’oenyeha ha hao. Ka nako ea hao, ea ha u hlorile, ka matsatsi a mabe, Molimo o tla be a ntse a le teng ho ts’elisa, ho matlafatsa, le ho fa tsela ha o ka tla ho eena.

Ha eba ha u tsebe na u ka fumana Molimo joang, u lokela ho ts’ollela pelo ea hau ho Eena, ‘me Eena o tla u utloa. Haeba u utloa ekare u sitoa ho ts’epa mang kapa mang, leha ele Molimo, mo bolelle seo o ikutloang sona. ‘Me o mo kope hore ao bontse tsela. Haeba u ikutloa u le moetsalibe ea senang ts’epo ea ho fumana tsoarelo le lerato, tloho ho Molimo ka pelo ea hau, u sokolohe le ho furalla libe tsa hao tsa khale. U tla bona hore efela Molimo ke ntatao ea lerato, ha fela o ka tla ho Eena ka pelo eohle ea hau. ‘Me u ikemiselitse ho utloa seo a se hlokang ho uena.

Ha Molimo a u tsoarela, ebile ao amohela, o tla utloa lerato, ‘me u hahe likamano le eena, tseo ho seng letho kapa motho ea ka li senyang. Likamano tsena li ka senyeha ha fela o ka mo furallang, eaba ha o boloke litaelo tsa hae.

Ha joale u se o tsebile lerato, ‘me u se o se moithati, u tla fumantsoa ts’ireletso. Ts’ireletso ea ho tseba hore oa ratoa, e bula pelo ea ho tsotella le ho khathalla ba bang. U ke ke oa hlola, o ts’oenyeha ka hore na batho ba u atamela joang. U tla fumana hore u se o ts’oengoa ke lithloko tsa bana beno, ‘me o na le tjantjello le khahleho e kholo ea ho sebeletsa Molimo ea u ratang. Ha khahleho ea hao, e se e se hoba moithati le ho ba moikhabi, eba joale Molimo o qala a o hlohonolofatsa, a bile a bula kelello ea hao bakeng sa linnete. Thuto e hlahang ka ho 1 Ba-Korinthe 13 e tla u thusa haholo ho utloisisa sena.

 Molimo le eena o na le lelapa lefats’eng. A ka u tataisetsa lelapeng lena la Hae, eleng moo u tlang ho fumana, bohle ba mo sebeletsang le ho etsa thato ea Hae. Hona ke kereke ea hae. Jesu o itse: “Bohle ba tla tseba ka hona hore le barutuoa ba ka, ha le ratana” (Johanne 13:35) Lena ke lerato la ‘nete, le tsotellang, arolelanang le ho khalema.

Ha u batla ho tseba haholo ka lerato, bala Evangeli ea Johanne. Bala khaolo ea 53 ea buka ea Esaia, moo moporofeta, a re bolellang ka sehlabelo sa Jesu se re etsang seo re leng sona kajeno. Bala ts’episo ho Pesalema ea 91. Bala Pesalema ea 23 le 1 Ba-Korinthe 13. Lumella Molimo ho etella pele ha u ntse o tsoelapele ho bala mangolo ao.

Ho ka ba le ho emisa hoa ho hlora le ho se thabe ha hao. Lumella Molimo ho nka taolo ea bophelo ba hao. Ikutloele lerato la Molimo, eleng hlohonolofatso e kholo ea mantlha eo motho mang le mang a ka e fuoang. Molimo ao hlohonolofatse.

1 Ba-Korinthe 13:1-8, 13

“Leha nka bua lipuo tsa batho le tsa mangeloi, empa ke sena lerato, ke its’oanela feela le ts’epe e llang kapa lekapa le etsang molumo o mohoo. Leha nka ba le neo ea boporofeta, ‘me ka tseba liphiri tsohle tsa Molimo, ka ba ka liu tloisisa, esita leha nka ba le tumelo eohle e hlokahalang ho suthisa lithaba, empa ke sena lerato, ha ke letho. Leha nka fana ka tsohle tseo ke nang le tsona, esita leha nka neelana ka ‘mele oaka hore o chesoe, empa ke sena lerato, ha ho nthuse letho. Lerato le na le mamello, lerato le mosa; ha le na mohono ,ha le na boikakaso, ha le na boikhohomoso, ha le na mekhoa e mebe, ha le ikhopolele, ha le halefe, ha le na lisuoa, ha le thabele bokhopo ,empa le thabela ‘nete. Le iphapanyetsa tsohle, le lumela tsohle, le ts’epa tsohle, le mamella tsohle. Lerato ha le ka ke la fela le kamohla, empa lipolelo tsa boporofeta li tla feta, le neo ea maleme a sele e tla khaotsa, le tsebo e tla fela. Joale tsena tse tharo, eleng tumelo, le ts’epo, le lerato, li tla nne li be teng, empa e kholo ho tsona ke lerato.”

Hokahana le Rona

Kopa libukana