Na U Ts’oaretsoe?

Na u fela u ts’oaretsoe? Bokamoso ba bosafeleng ba hau bo its’etlehile ho karabo ea potso eena. Bibele e re ruta hore “…Ha ho ea lokileng, leha a le mong”( Ba-Roma 3:10) . Temana ea 23 khalong e tsoanang e re: “Hobane bohle ba sitiloe, ‘me ha ba ts’oaneloe ke khanya ea Molimo.” Re lokela ho fumana ts’oarelo ea Molimo ha feela ebe re batla ho bolokeha khahlanong le litlamorao tsa sebe. Ka letsatsi le leng re tla kopana le Morena ka letsatsi la kahlolo. “ Hobane e ka khona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha sa le ‘meleng, leha ele se setle, leha e le se sebe” (2 Ba-Korinthe 5:10)

Re tobane le bosafeleng, ‘me ho bohlokoa ho tseba hore na efela re ts’oaretsoe, ho tseba hore na e fela ke ts’oaretsoe. Haeba u ts’oaretsoe, u tla amoheloa leholimong. Empa ha eba ha oa ts’oareloa, u tla lahleloa liheleng, le satane le manyeloi a hae. “Mohla Mor’a Motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. 32 Lichaba tsohle li tla phuthehela pela hae, ‘me o tla khetha ba bang ho ba bang, joalokaha molisa a khetha linku ho lipoli; 33 o tla bea linku ka letsohong la hae le letona, lipoli ka ho le lets’ehali. 34“Ke moo Morena a tla bolella ba ka letsohong la hae le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ‘muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefats’e le theoa.” Mattheu 25:31-31 “Tlohang ho ‘na, lona ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng liabolosi le manyeloi a hae” temane ea 41.

Tsoarelo Ka Mali A Jesu Kreste

Joale re ka etsang ho pholosa meea ea rona? Bonnete ke hore re ke ke ra ipholosa ele rona, empa re ka amohela morero oo Molimo a re etselitseng oona. ‘Me re tla thuseha ho utloisisa haholo seo a ileng a se bonts’a sechaba sa hae sa Israele, pele Jesu Kreste a ka tla lefats’eng. O ile a ba laela ho etsa mahlabelo ka liphoofolo.  Konyana e ne e hlajoa ka nako ea mahlabelo e ne e supa konyana ea Molimo e phethahetseng, eleng Jesu Kreste, ea neng a tla pholosa batho bohle ka ts’ollo ea mali tsoarelong ea libe. Ba-Efese 1:7 e re: “Ke ka ho eena re nang le topollo ka mali a hae, ke ho re, ts’oarelo ea lits’ito, ka monono oa mohau oa hae.” Athe 1 Petrose 1:18-19 eona e re: “Le ntse le tseba hobane, hase ka tse bolang, hase ka silefera le ka khauta le lopolotsoeng mokhoeng oa lona oa lefeela, oo le neng le o rutile ke bontat’a lona. Empa e le ka mali a bohlokoa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekoli.”

Ha Ba-Heberu 9:22 e re: “’me ka molao, lintho tse hlatsuoang ka mali e batla e eba tsohle, ‘me ha mali a sa ts’olohe, ha ho teselo ea libe.”

Qetella litaba tsa: Na U Ts’oaretsoe?

Ho Se Ts’oareloe Ho Tlisetsa Motho Litlamo

Ha re fumana ts’oarelo ea mohau oa Kreste, eba re thola khotso ea sebele. Ho boloka khotso eena, ho molemo ho ts’oarela ba bang. Jesu Kreste o buoa le rona ho Mattheu 6:14-15 “Hobane ekare ha le ts’oarela batho litlolo tsa bona, Ntat’a lona ea maholimong o tla le ts’oarela le lona. Empa ekare ha le sa ts’oarele batho litlolo tsa bona, Ntat’a lona le eena a ke ke a le ts’oarela litlolo tsa lona.”

Morena Jesu o re fa thuto e hlakileng ka kotsi ea ho se ts’oarele ho Mattheu 18:23-35 “Ka baka leo, ‘muso oa maholimo o ts’oana le morena ea ratileng ho hlahloba bahlanka ba hae. 24 Eitse ha a qala ho bala, ha tlisoa ho eena e mong ea nang le molato oa litalenta tse likete tse leshome; 25 ‘Me kahobane a hlokile seo a ka lefang ka sona, morena oa hae a laela, a re, ho rekisoe ka eena, le ka mosali oa hae, le ka bana, le ka tsohle tseo a nang le tsona, molato o tle o phethoe joalo. 26Empa mohlanka eo a khumama pela hae, a mo rapela, a re: Morena, o ke o nthekolohele, ‘me ke tla o lefela sohle. 27Morena oa mohlanka eo a mo utloela bohloko, a mo lesa, a mo leballa molato. 28Empa mohlanka eo, ha a tsoela kantle, a teana le molekane oa hae oa bohlanka, ea nang le molato ho eena oa litenare tse lekholo; eaba o a mo tshoara, a mo khama, a re: Lefa molato oa hao. 29 Molekane oa hae oa bohlanka a itihela maotong a hae, a mo rapela, a re: Nthekolohele, ‘me ke tla o lefela. 30 Eo a hana, a mpa a ea, a mo kharameletsa teronkong, hore a be a lefe molato. 31 Balekane ba hae ba bohlanka, ha ba bona ho entsoeng, ba soaba haholo, ‘me ba ea bolella morena oa bona tsohle tse etsahetseng. 32 Eaba morena oa hae o mo laetsa, a re ho eena: Mohlanka ea lonya, ke ne ke o leseletse molato oohle oa hao, ka hobane o ne o nthapetse. 33 Ana e ne e se tshoanelo ea hao le oena ho hauhela molekane oa hao oa bohlanka joalokaha ke ne ke o hauhetse le oena na? 34 Morena oa hae a ba bohale, ‘me a mo neela bahlokofatsi, hore a be a lefe molato oohle oa hae. 35 Le tla etsoa joalo ke Ntate ea maholimong, ha e mong le e mong oa lona a sa ts’oarele ngoanabo litlolo ka pelo ea hae eohle.”

Ho hloea, hoba le taba le ngoaneno kapa ho ts’oara motho ka pelo li na le litlamorao tse mpe. Motho ea lumellang limelo tse joalo bophelong ba hae, eba motho ea bohloko ea bolutu. Bophelo ba hae ‘meleng boo a ameha, le likamano lia senyeha. Ha re sa ts’oarele ba bang, re ikenya litlamong ‘m e moea oa hao oa ts’oaseha, hoo e tla ka o motho ea e ntsoeng motsoaruoa kapa lekhoba la lithethefatsi le tai. Ho se ts’oarele ho etsa motho ea bohloko, e senye le ka hare moeeng oa hae. E sala e le motho ea bohale, ea mahlomoleng hape ea morusu.  Eo hlokisa khotso, thabo, lerato le kopanelo. Ho ba bohloko hona ho bakoa ke ha re tletsoe ke moea oa boikhohomoso, ho bakisa le boiphetetso ka baka la seo motho a u e ntseng sona. Ha feela re sa khone ho lokolla pelo ha re sitetsoe, boikutlo bo qetella e le bona bo re laolang. ‘Me re tla iphumana re le litlamong tsa ntho tseo le tsa sebe pela Molimo.

Ts’oarelo E Sa Khetheng Maemo

Morena Jesu o re rutile hore tsela eo re tla tseba ho ts’oarela ba bang ke ha re fela re utloisisa ka moo a re ts’oaretseng ka teng.  Ts’oarelo ea rona ha ea lokela ebe le lipehelo ho latela boholo kapa makhetlo ao ke sitetsoeng ka oona, kapa hore na ke mang ea nts’itetsoeng. Re lokela ho bonts’a mohau o senang lipallo joaloka ha Molimo a e ntse ka rona le ho rona. Ha re ikokobetsa , ‘me re fa bana ba bo rona tsoarelo ea lits’ito tsa bona, eba joale Molimo o re bulela tsela ho kopela lits’ito, le libe tsa rona ts’oarelo. Molimo o fela a ts’oarela e le kannete bohle ba ikokobetsang le ka moea o bakang.

Ha feela re latela le ho mamela Moea o Halalelang, re tla tseba ‘nete, ‘nete e tla re lokolla (Johanne 8:32) Temana ea 36 ere: “Ka baka leo, ekare ha Mora a le lokolla etlaba le lokolotsoe ka sebele”

“Ha ho ntse ho thoe: kajeno, ha le utloa lentsoe la oona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona” Ba-Heberu 3:15. Athe ho Mattheu 11:28 o re: “ Tlohong ho ‘Na… ke tla lefa phomolo” ‘Me ha re ka feela ra latela lithuto tsena re tla ts’oarelo ebile re tla khona ho ts’oarela ba bang.

Ho Tla, Ho Molimo

Joale potso e salang, ke hore na re tla ho Molimo joang? Karabo e teng ka Bibeleng e halalelang. “ Ha ho motho e aka tlang ho ‘Na, ha sa huloe ke Ntate ea nthomileng, ‘me ‘Na, ke tla mo tsosa ka letsatsi la bofelo” (Johanne 6:44) Molimo, ka Moea o Halalelang, o etsa hore re itemohe hore re fela re le baetsalibe, le hore re hloka Mopholosi. Ka nako tse ling ehlile ha re utloisise pitso ea Molimo. Re tla qala re utloe bolutu, ho hlora, tlhoko pelong tsa rona, le boikutlo ba hore ehlile ha kea loka, le kholiseho ea hore ehlile ke lahlehile. Hang ha re lemoha ho hloka botsitso hoo moeeng, re lokela ho bulela Molimo lipelo tsa rona bakeng sa tataiso. Moroalo oa sebe, o ka re imela, ‘me lipelo tsa rona tsa tlala masoabi a maholo ka lebaka la bophelo ba rona ba pele ba sebe. Molimo o batla hore re nehelane ka maphelo a rona le ka tsokoloho ea ‘nete. Ha Molimo a bona ho robeha le ho ikitlahetsa hoa lipelo tsa rona, le boikemisetso ba ho phetha thato ea hae, eba o re ts’oarela libe tsa rona tsa bophelo ba khale, ebe re fumana ts’oarelo le khotso lipelong tsa rona. (Pesalema 34:18; Pesalema 51:16-17) Oh! Ke thabo e kakang lipelong tsa rona, ‘me re lakatsa ke hona ho bolella ba bang seo Jesu a re etselitseng sona.

Hona ha se feela taba ea bohlale kapa ho fetola mohopolo oa motho. Empa ke mosebetsi oa Moea o Halalelang, lipelong tsa ba amohetseng bophelo bo bocha ka ho bona. ‘Me ka matla a Moea o Halalelang re ba le tumelo eo ka eona re ka ts’epang Molimo, hore re lahle lithato tsa botho ebe re ts’oarela ba bang. 2 Ba-Korinthe 5:17 “ Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke ‘mopuoa e mocha; tsa khale li fetile; bonang tsohle li nchafetse”

Tsela ea Bibele ea ts’oarelo ke ee ntle ka ho fetisisa. Tumelo e nang le ts’epo ho sehlabelo se entsoeng ke Jesu, e bile e tsamaea le boinehelo bo felletseng ho Molimo le ho thato ea hae, e tlosa letsoalo la sebe lipelong tsa rona. Libe tsa rona li koahelo ka mali a ts’olihileng a Morena Jesu Kreste. Ts’oarelo eo Molimo a fanang ka eona e lahlela hole le rona litlolo le ts’enyo eo re e ntseng. O hlakola tsohle tse entsoeng ke rona e be O re leballa melato. “… ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona le litlolo tsa bona (Ba-Heberu 8:12). Kannete ke tokoloho e hlollang hakakang ha Molimo a re ts’oarela le rona re ts’oarela ba re sitetsoeng. U ka ikutloela monate ona o hlollang le uena, pelong ea hau le bophelong ba hau. Tloho ho Morena Jesu kajeno!

Hokahana le Rona

Kopa libukana