Khotso, Tokoloho, Le Thabo

Na u kile oaba le mohopolo oa hore,”Na nka fela ka lokoloha ka botlalo, na nka iphumana ke thabile, na nka ba le khotso?”

Batho ba bangata ba tsomana le ho batlana le tokoloho e felletseng  ele hore ba tle ba fumane thabo le khotso. Batho ba lakatsa ho iphumana ba lokolohile tlasa lintho tse nkileng taolo ea maphelo a bona, hoo ka nako tse ling ba lumelang hore ha ba etsa kamoo ba ratang ka teng, eba hoo ho tla batlisetsa thabo. Na ho fela ho eba joalo?

Litseho, lerata le tsotello e mofuthu le mabone a khanyetsang tsase tse fanoang ntlo ea mothamahane tseo kaofela liphephetsa ba bangata ka ho ba tsepisa thabo. Boholo ba batho ba bacha ba bonoa ba kiba-kiba ka mabokosana a joala le koae, likoloi tse mabai-bai, ‘me ba sesa masiu menateng le menyaoakoeng ea boithabiso, ka ts’epo ea hore tseo tsohle li tla ba fa khotso ea moshoelella. Empa leha ho le joalo lintho tsena tse batho ba li mathelang ha li fane ka khotso le thabo eo batho ba tsomanang le eona.

Matekoane le lithethefatsi tse seng molaong tse taeang haholo, hoo e kang motho oa hlanya kapa hona ho lahleheloa ke menahano. ‘Nete ke hore bongata ba batho, bo lumela hore lintho tsena ke tsona tse ba tlisetsang thabo, ‘me ka thabo eo eba khotso ea ba tlela. Empa na ho fela hoba joalo, ba fumana seo?

Qetella litaba tsa: Khotso, Tokoloho, Le Thabo

‘Mino oa sejoale-joale oa lefats’e, o kenang le hona ho hapa kelello le ‘mele, li sebelisana hammoho le lino-tai le lithethefatsi ho tlisa botaoa ho motho. ‘Me ho bolela hore ha li tlise thabo ele kannete. Ho iphumana u kene litabeng tsa thobalano kantle ho lenyalo ka tsutsumetso ea litakatso, u sa natse ho ipoloka khahlanong le litakatso tse joalo, ho bonahala eka ke tsela ea ho ikhotsofatsa le ho inyakalatsa. Empa ‘nete ke hore ketso eo e bakela motho bolutu le lihlong fela. Ha hona thabo e fumanoang liketsong tse joalo.

Nakong tsa kajeno, bongata ba batho bo tumisitse ka hohle, hore eka khona motho a ikutloe a lokolohile ho etsa ntho ea e ratang ka nako e batloang ke eena. ‘Me ba lumela hore, ha oa lokela hore ho be le meloaoa ea boitsoaro, ho se be nyatso ea letho kapa hona ho utloela motho mang kapa mang bohloko ho etsa se rataoang ke pelo ea hae ha batlana le thabo le khotso.  Taba e kholo ke hore tokoloho ea ‘nete ke eona fela e tlisang khotso le thabo. Ba bolella hore thabo ea fumaneha ka nako eohle, ka tsela tsohle, ho sa tsotellehe na u e fumana ka ho etsa eng, ekaba ka ho noa, kapa ho tsuba eng le eng e tahang. ‘Nete! Ke hore re lekanya hore ho ka sehlohong ke ho tsomana le thabo ka mekhoa eo, empa re sa lemohe hore ketso e ngoe le e ngoe ena le litlamorao tsa eona. Re fela re na le boikutlo ba hore re lokela ho thaba ka tsela ena kapa eane, ka ha e le tokoloho ea rona ho thaba.

Leha batho ba tseba hore litlamorao li ba teng liketsong tse joalo; le hore hlokomeliso tse tsejoang ka hohle ebile li tumisitsoe, joaloka: Seke oa noa, o ntse o qhoba koloi. Lebelo le phahameng lea bolaea. Koae e kotsi matsoafong hape e ka o beha tlokotsing ea kankere. Etsa thobalano e sireletsehileng kamehla. Ha o ka ima ntle le maikemisetso, o ka nts’a mpa. Leha ho le joalo, likeletso tsena hase pheko ea moshoelella.

Haeba, e fela thabo e tholahala ka ho nka karolo linthong tsa mofuta oo, u ne u ka fumana batho ba hlonameng ka hara matlo a mothamahane ao ho oona ho tletseng lets’oele la batho? Ho habaneng ba hlonama ka mora ho taoa? Hobaneng ho ba bolutu, ebile ba sareloa ka mora liketso tseo? Hobaneng ha ba utloa ba itsitetsoe ka mora hore likamano li thubehe? Haeba ele ‘nete hore ho nka karolo litabeng tse joalo, ho fela ho tlisetsa motho thabo le khotso, ke hobaneng li hlaha mahlong a rona ele liketso tse sa hlompheheng? Hobaneng li lateloa ke mathata, ‘me li etsa bophelo ba motho bo hloke moelelo, leho hoba bosula tjee?

Ho inyakalatsa ha ho tlisetse motho tokoloho ea sebele. Ha ho tlisetse motho thabo le khotso. Ho inyakalatsa ha botho ke sebe, ka hobane bo sebeletsa ho khahlisa motho eseng ho khahlisa Molimo.

Morena Jesu, evangeling ea Mattheu 11:28-29 o re: “Tloohong ho ‘na, lona bohleba khathetseng, ba imeloang, ‘me ke le imolla! Inkeleng joko eaka, ‘me le ithute ho ‘na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ‘me le tla fumanela meea ea lona phomolo”

Ebe ho ea joang ka ba hao bophelo? U ikutloa u hlomphehile le ebile u tsoenyehile bophelong? Na mathata a teng lefats’eng le likamano tseo o nang le tsona le batho li etsa o ikutloe u na le khatello ea maikutlo, letsoalo, ts’abo? Na u na le ho utloa, ka nako tse ling, u belaella hore, ha hona  motho ea o ratang le ho khathalla?

Khothala u be u tiee, hobane Ntate Molimo oa u rata. O batla hore u qetelle u fumane khotso, tokoloho, le thabo ea sebele. Khotso ea sebele ha e tsoaloe ke ho itsematlella kapa boithukhobetsong ba motho. Empa e tsoaloa ke boineholo bo felletseng ho Molimo, ‘me ho mo ts’epa ho tlisetsa motho phomolo moeeng oa hae.Morena Jesu o buoa mantsoe ana: “Ke le siela khotso; ke le fa khotso e aka; ha ke le fe kamoo lefats’e le fang kateng” (Johanne 14:27)

Arabela memo ea Morena Jesu Kreste kajeno. Tlooho ho Eena ka pelo ea hao. U mo fe lits’ito, libe le makhopo a hao ohle, tsa khale, tsa kajeno le tsa kamoso. U bakele bolutu le ho senya bophelo ba hao, ka tsela eo o bo phetseng. ‘Me joale o tla fumana tokoloho, thabo ea sebele, le lerato la ‘nete.  U tlaba le tsepo ea bokamoso le tsepiso ea bophelo bo sa feleng, ha fela o tsepahalla Molimo ho tsohle. Molimo oa leholimo a o hlohonolofatse, ha U tla tsoelapele ho mo batla ka mehla, ‘Me u be le Khotso le thabo.

Hokahana le Rona

Kopa libukana