Qholotso Ea Ho Etsa Khetho E Nepahetseng

Bophelo bo etsa hore motho a iphumane a le mothating oa ho etsa liqeto hangata le hangata. Bonnete ke hore motho o etsa liqeto letsatsi le letsatsi. Ka nako e ngoe khetho e etsoa kantle ho boinahano bo tebileng. Empa ka nako e ngoe teng khetho e hloka boinahano le kelo-hloko e batsi. Hangata tseo eleng tsa bohlokoa tsona ebe li etsoa ka ho ba hlokolosi haholo.  

Potso e ka ba hore; Ke eng eo u ee nkang ele ea bohlokoa?

Ntate Molimo, ha bopa motho, o ile a mo fa bolokolohi ba ho etsa khetho. Ka hona re ke ke ra qhelela ka theko boikarabello leha ele litlamorao tsa khetho tsa rona, ka ho tseba hore boholo ba tsona li tla ba li litlamorao tsa bosafeleng.

Ha re ke re shebe ba ba bang ba batho ba mehla ea bibele, tsela eo neng ba etsa khetho ka teng. Tse ling e ne ele tse ntle, ha tse ling e bile tse mpe. Moshe, monn’a Molimo, eena o ile a ikhethela “ A mpa a ikhethela ho ts’oengoa le sechaba sa Molimo, eseng ho thabela menate ea libe e felang kapele” (Ba-Heberu 11:25).  Moshe o ne a shebile moputso oo a neng a tla o fumana kamora lefu. Ho khetha metsoalle ea Ba-kreste ke qeto e molemo ka sebele.

Pele ho moroallo oa metsi “Bara ba Molimo ba bona barali ba batho hoba ba batle, ‘me ba inkela basali hara bohle bao ba ikhethetseng bona”. (Genese 6:2). Eaba ba etsa qeto ba ipapisitse le nama athe ke ts’enyeho ea bona.

Qetella litaba tsa: Qholotso Ea Ho Etsa Khetho E Nepahetseng

“Eaba Lota o ikhethela lehoatata lohle la Jordane… ‘me a hloma litente tsa hae ho ea fihla Sodoma”.(Genese 13:11-12). Makhulo a ne a nonne, ‘me a e na le ntho tse ts’oarehang, empa a lahleheloa ke tsohle ha Sodoma e sengoa ka mollo.

Josefa ha e sa le mohlankana, o ne a khethe ho se its’ilafatse, a lula a hloekile, le ho loka, ‘me a fumants’oa boemo bo phahameng naheng ea Egepeta(Genese 41:41).

Joshua mohlanka oa Molimo, o ile a qholotsa bana ba Israele, “…ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa…” (Joshua 24:15). A mpa a re: “Ha e le ‘na le ba ntlo e aka, re tla sebeletsa Jehova”. Eaba batho ba Israele ba re: “Re tla sebeletsa Jehova” Ho ts’abeng Molimo le ho mosebeletseng ka bots’epehi, ba ileng ba atleha litseleng tsa bona.

Mehleng ea moporofeta Elia, batho ba ne ba lebetse liketso tse matla tsa Molimo, tseo a li entseng hara bona, eaba ba mo furalla ba latela melingoana bo Baale, ‘me seo ha se ka sa thabisa Jehova. Molimo o ile a sebelisa Elia ka nako eo ea bohlokoa, ka tsela e hlollang ho bonts’a matla a hae a sa hloloeng ke letho.  Thabeng ea Karmele, Elia o ile a bitsa mollo ho tsoa leholimong eaba o chesa sehlabelo seo a neng a se entse, ho bonts’a hore Jehova ke Molimo oa ‘nete. O ile a botsa batho a re: “Le tla ba bo-temepeli ho fihlela neng? Ha Jehova e le Molimo, mo lateleng; ha eba ke Baale, mo lateleng.”  Sechaba sohle, ha se bona hoo, sa inama ka lifahleho, sa re: Jehova ke Molimo, Jehova ke Molimo” (1 Marena 18:21, 39).

Daniele mohlankana ea neng a nkiloe ho isoa kholehong Babilona, “A rera pelong ea hae hore a ke ke a its’ilafatsa ka lijo tse behoang tafoleng ea Morena, leha e le ka veine e nooang ke eena”.(Daniel 1:8). Ka baka la seo eena le metsoalle ea hae e meraro, bao le bona ba ileng ba etsa qeto e molemo, ba fumana mohau mahlong a Molimo le Morena oa Babilona. Ha ne ba sa etsa qeto tse hlomphehang ha kaalo, mehlala e kang oa ha Daniele a le lemeneng la litau, le oa banna ba bararo seboping sa mollo, e ka be e sa ngoloa Bibeleng.

Jesu o re fa sets’oants’o, sa Monna ea neng a na le bara ba babeli. Ea monyenyane a batla karolo ea hae ea mafa, eaba o ea naheng e hole, libeng. E ne e se qeto e hantle eo ea ileng a e nka. Kamora ho ja lefa leo a neng a na le lona, a lemoha hore o entse phoso e kholo.. A khetha ho khutlela ntlong ea ntat’ae, a ilo ikokobetsa pela hae. E ile eaba thabo e makatsang ha ba kopana. (Luka 15:11-32).

Morena oa rona Jesu, o ile a tsoaroa ‘me a isoa ka pela Pilato. ‘Me Ba-Juda ba hooa ba re: “Ha u lokolla enoa, ha u motsoalle oa Sesare” Eaba Pilato o nahanisisa ka taba e behiloeng ka pela hae. Eaba o khetha Sesare(Lefats’e), hona le Morena oa khanya ea neng a eme pela hae. A etsa qeto ea hae, ‘me a nehelana ka Jesu hore a thakhisoe.(Johanne 19). Ho khetha lefats’e le menyakoe ea lona ho lebisa ts’enyehong e sa feleng. (2 Petrose 3:10-11).

Ho khetha ho rolela moroalo oa hao ho ngoan’a Molimo, ho ena le ho ts’epa lefats’e ka litaba tsa hao, ke khetho e bohlale ebile e le ntle. Ho nka Morena Jesu e le motsoalle oa hao, ho re tlisetsa Moeletsi ea makatsang maphelong a rona, ea tla re tataisa liqetong tsa bophelo bona.

Motsoalle oa ka ea ntse a bala, Na uena u se u e ntse khetho ea ho latela Morena Jesu Kreste? Na Jesu o haufi le uena hape na ke moratuoa oa haoo, ho feta mang kapa mang lefats’eng? Na u se u amohetse litsela tsa hae, hore ebe litsela tsa hau, ka ho nehelana ka bophelo ba hau ho eena, oa ba oa bolela le ho furalla libe tsa hau tsohle? Na lentsoe la hae, le letle ho uena, na le monate ho feta libuka tseo u kileng oa li bala? Na u se u khethile sebaka e k aba kamoreng ea hau, lapeng ha hau, ka koloing ea hau, kapa hohle moo e ka bang sephiri sa ho nahanisisa le ho kopanela thapelo le Morena oa hau? Ha eba u fela u le oa hae, le Eena e le oa hau, u fihletsoe ke lehlohonolo le felletseng. Ke ho latsoa monate oa leholimo, lefats’eng. ‘Me ho etsa khetho e nepahetseng letsatsi le leng le leng bophelong ba hau ho tla etsa hore u be le bosafeleng bo monate, leholimong.

Hokahana le Rona

Kopa libukana