Pale Eo U Lokelang Ho E Tseba

Bible and Candle

Tsimolohong ho ne ho sena letho holima lefats’e.

Ho be ho se litlhapi.

Ho sena linaleli sebakeng sa leholimo.

Qetella litaba tsa: Pale Eo U Lokelang Ho E Tseba

Ho sena maoatle, leha e le lipalesa tsa naha.

Lefats’e le le feela,  ‘me le tletse lefifi.

Empa Molimo Eena, o ne a le teng.

Molimo o ne a na le morero o motle. ‘Me o ne ana le mohopolo oa lefats’e le khahlehang. ‘Me eitse ha a ratile, a fela a le etsa. Molimo o hlolile lefats’e joalo feela, ntle ho kopanya letho empa ka polelo ea taelo, eaba o re: “lefats’e ha le be teng” eaba le fela le eba teng. A etsa leseli. A etsa linoka le maoatle, a apesa lefats’e ka joang ba naha, le linonyana, le liphoofolo, le lifate. ‘Me a qetella ka ho bopa motho ka sets’oano le sebopeho sa hae. A ba etsa e le e motona le e motsehali. ‘Me mabitso a bona eaba Adama le Eva.

‘Me Molimo a ba rata haholo. ‘Me mantsibua ha ho pholile, Molimo o ne a ba etela ts’imong e ntle ea Edene. Ts’imo eohle ne ba ee filoe ho ithabisa le ho ja ho tsoa ho eona, ha ese sefate se le seng feela, se har’a ts’imo, seo Molimo a ba hanetseng ka sona hore ba se seje. ‘Me Adama le Eva ba ne bathabile ka matsatsi ohle, eaba satane, sera sa Molimo,o oa ba leka. ‘Me ba amohela teko ea hae ‘me ba latsoa le ho ja sefate seo Molimo a ba laetseng hore ba se se je. Ba siteloa Molimo ka hona. Eaba lekhetlo la bona la pele la ho soaba le ho hlajoa ke lihlong tse kholo. Eaba ha ba sa buisana le Molimo. Ba ne ba le bohlokong le mats’oenyehong. Ba se ba ke ke ba phela ka ho sa feleng ‘me ba ne ba lokeloa ke lefu. Eaba ba apareloa ke lihlong le masoabi a maholo.

Empa o ile a tsepisa ho ba thusa. A re ha nako li se li phethahetse, o tla romela Mor’a hae Jesu lefats’eng. ‘Me Jesu o tla theoha leholimong, ho etsa tsela ea hore batho ba fumane pheko ea sebe, le ho tlisa tsoarelo.  Hore tsoarelo ea libe e hlahe, O ne a lokela hore a hlokofatsoe a be a shoe bakeng sa batho bohle. Ba ile ba thaba haholo ha Molimo a romela ‘Moloki! Adama le Eva ba ile ba ba le bana le litloholo. Nako ha e ntse e tsamaea, batho ba ‘na ba ata lefats’eng.

Molimo o ne a batla hore motho e mong le e mong a lule a thabile. ‘Me a ba bolella seo ba lokelang ho se etsa. Mona ke lethathamo la melao eo Molimo a ileng a fana ka eona (Exoda 20:3 –17):

  1. U se ke oa ba le melimo e meng pela sefahleho sa ka.
  2. U se ke oa iketsetsa sets’oants’o se betliloeng, leha e le sets’oants’o se le seng sa tse holimo leholimong, leha e le tse lefats’eng.
  3. U se ke oa tlaela ka lebitso la Jehova, Molimo oa hao.
  4. Hopola letsatsi la phomolo (Sabatha) ho le khetha.
  5. Hlompha ntat’ao le ‘m’ao.
  6. U se ke oa bolaea.
  7. U se ke oa feba.
  8. U se ke oa utsoa.
  9. U se ke oa etselletsa oa heno ka leshano.
  10. U se ke oa lakatsa ntlo ea oa heno, u se ke oa lakatsa mosali oa hae.

Melao ena e ile ea ngoloa ka bibeleng hore le rona re tle re ee bale. ‘Me ha re ka lemoha ho ee boloka, eba re tla tlala ka thabo lipelong tsa rona. Empa Satane eena ha rate ha re ka boloka melao eo ea Molimo. ‘Me ka nako tse ling o re bolella hore re utsoe ntho tse ling, ha ho se motho ea re bonang. Empa leha ho le joalo Molimo o tseba tsohle leha batho ba ke ke ba tseba hore u utsoitse. Ka hobane o bona hohle, le sephiring. ‘Me ka nako e ngoe teng, Satane o re leka, ka hore re buoe leshano, ka hore ha hona motho ea tseba le fumana ‘nete ea taba. Empa Molimo oa e tseba. Hobane o utloa tse buoang hohle.

‘Nete ke hore ha re etsa lintho tse tlasa tsutsumetso ea Satane,  re ikutloa molato, ‘me ha re be le thabo ka hare. Molimo oa u rata, ‘me o batla ho re thusa ho etsa ho lokileng, le hore re loke pela hae. Ke ka hoo, a ileng a romela Jesu lefats’eng. Molimo o ile a hopola tsepiso ea hae, ea ho romela ‘Moloki. ‘Me kamora lilemo tse ngata, eaba Jesu oa tsoaloa e le lesea. A hola ea ba monna. A etsa lintho tse kholo tse makatsang. A folisa ba kulang. Lifofu tsa boela tsa bona hape. A hlohonolofatsa bana ba banyenyana.

Jesu ha a ka a etsa letho le lebe, leha e le sebe. O ile a bolella batho ka taba tsa ‘muso oa Molimo, le hore eka khona ba utloe le ho hlompha Molimo. Empa kamora nakoana sera sa Jesu se ile sa ‘molaea, sa mo thakhisa sefapanong, A shoa Jesu.

A utloisoa bohloko, a shoela libe tsa batho bohle ba lefats’e, ‘moho le bona ba ileng ba mo thakhisa sefapanong. Jesu o ile a patoa lebitleng. Eaba ho etsahala see makatsang. Ha a ka a lula lebitleng hore a be a bole. Empa a tsoha bafung!

Eaba o nkeloa maholimong, ka leru. Ha barutuoa ba hae ba mo talimile ha nkeloa holimo, eaba ho hlaha lenyeloi le re ho bona: “ Jesu eo le ‘moneng a nkeloa leholimong, o tla boela a khutla hape”.

Jesu o shoetse libe tsa rona, ‘me o rata ha re ka soabela libe tsa rona, ‘me eaba rea li bolela ho eena. Eena o malala-a-laotsoe ho re tsoarela.

Re ka rapela Ntate Molimo ka nako eohle. ‘Me Eena o utloa lentsoe le leng le le leng, ‘me o tseba mehopolo eohle. Ke Eena feela ea etsang re ikutloe re tletse ka thabo ka hare tsoarelong ea libe. ‘Me re qale re utloe re batla ho etsa ho lokileng. Le hona ho bonts’a batho mohau le mosa.

Molimo o bopile motho e mong le e mong a mo fa, boikhethelo, re ka khetha ho latela Molimo, kapa ho latela Satane. Empa lentsoe la Molimo le re: ha re lahla Molimo re lahla bophelo, ‘me o tla re lahlela liheleng. ‘Me lihele ke n’galo e ts’abehang eo ho leng lillo, litsikitlano tsa meno, le ho cha ka ho sa feleng.

Empa ha re khetha ho rata le ho utloa Jesu , re tla ruoa ‘muso oa maholimo, ‘me O tla re nkela leholimong. Leholimo ke sebaka se setle ka tsela e hlollang, lehae la Molimo le Mor’a hae, Jesu. Ke lehae la lerato le leseli feela. Moo re tlo lula re thabile ka mehla hobane ha hona lillo, bohloko, le bokulo.

Hokahana le Rona

Kopa libukana