Mamela! Ke Mang Ea U Bitsang?

The listening lamb

Evangeli ea Johanne 10:1-18

Na u kile oa utloa motho ea bitsang lebitso la hau empa ebe ha u khone ho utloa na lentsoe le hlaha kae? Mohlomong, ekaba ha u khone ho utloa lentsoe le u bitsang, hobane ho le lerata sebakeng seo u leng ho sona.

Mamela, lentsoe lea u bitsa, le bitsa uena!

Qetella litaba tsa: Mamela! Ke Mang Ea U Bitsang?

U mang? Lebitso la hau ke mang? U hlaha kae? U lula hokae? U ea hokae?

U tseba lebitso la motse oa heno. Ho ka etsahala hore ebe ha u so etele metse e meng. Empa ntho eo u e tsebang ke hore motse oa heno ke karolo ea metse e bopang naha ea heno, le hore naha karolo ea lefats’e.

Bibele

Ho hakanyoa hore ke lilemo tse likete tse tseletseng (6000) ha lefats’e le boptjoa. Ha le boptjoa ke Ntate Molimo. Molimo o na le buka e bitsoang Bibele, eo eleng eona e re bolellang hore na o hlolile lefats’e joang, le ho bopa monna le mosali ba pele joang. Molimo o bopile motho ka sebopeho le ho ts’oana le Eena.

‘Me ho tloha mohlang hoo esale bana ntse ba tsoaloa lefats’eng. Ho sa le joalo ka mokhoa o tsoanang esale batho ba ntse ba shoa. Likete tsa likete tsa batho li ile tsa tsoaloa ba ba ba shoa.

U tsoetsoe ke batsoali ha hau, ntate le ‘m’e. Empa taba ea ‘nete ke hore u bopiloe ke Molimo. Ke Eena ea entseng lintho tsohle tse lefats’eng. Na ebe u kile oa nahanisa le ho tsota botle ba tsohle tse entsoeng ke Molimo le hore o li bopile joang?

Batsoali ba hau ba u rehile lebitso. Molimo u tseba ka lebitso la hau. Ke Molimo ea tsebang lebitso la motho e mong le e mong lefats’eng lohle, ho sa natsehe puo le mohlobo. O tseba tsohle.

Ka hobane Molimo a re bopile, O tseba tsohle tsa rona le ka rona, oa re tsebela.Molimo, ho buoa ‘nete oa re rata hobane re batho ba hae. Ke Ntate oa rona ea maholimong, ‘me o na le tsotello e makatsang ho rona ho fetisa kamoo batsoali ba rona ba etsang ka teng.

Molimo

Molimo esale a le teng. O phela ka ho sa feleng. ‘Me hona ho bolela hore ha a ne a bolulela phefumoloho linkong tsa motho, O ne a etsa hore motho le eena a tle a phele ka ho sa feleng. Empa che! E seng ka ‘mele ena e shoang le hona ho bola, empa hore moea oa hao,o ka hare o phele ka ho sa feleng.

Ana u tseba Molimo? E kanna eaba oa ipotsa; hore “Molimo ke mang”? ‘Me o hokae, O phela hokae?

Na feela ehlile u batla ho tseba Molimo ka matla? Eea! Ho joalo. Botebong ba pelo ea hau ehlile u nyoretsoe ho mo tseba ka botlalo.

Ha u so ka, u bona Molimo le ka mohla o mong, ebe ho joalo? Empa seo ha se bolele hore Molimo ha eo.

Bonnete ke hore hona le Molimo a le mong feela. ‘Me ha ho e mong, hobane ea leng teng Eena o maholimong le lefats’eng, o hohle ka nako tsohle.

Molimo ea lulng maholimong a holimo n’galo e ntle, o boetse o phela ka lipelong tsa bohle ba ikobelang litaelo le molao oa Hae.

Joale ke ithuta joang ho tseba Molimo eo? Ebe ee ke potso eo u ntseng o ee botsa? Molimo ona le morero o makatsang oa ho re bontsa seo.

Molimo o rometse Mora oa hae ea nosi, Jesu, ho tsoa leholimong ho tla lefats’eng ho tla bonts’a batho hore na eena ke mang, le hore o joang. Molimo le Jesu ba bang.

Ka tsela ea mohlolo Mor’a Molimo o ile a tsoaloa e le lesea, ‘me a hola ho fihlela eba monna. Eaba ka lilemo tse tharo, Jesu o ruta batho ka lerato le tsotello ea Molimo, ntata’e. O ile a ba bolella le ho ba ruta hore Molimo oa halalela ‘me o bile o hloile sebe.

Ka hoo Molimo o ile a etsa morero oa hore pholosa libeng tsa rona. O ile a tlohella Mor’a hae, Jesu ho thakhisoa sefapanong ke batho ba khopo. Jesu a tela bophelo ba hae- ele pontso ea lerato le leholo!

Ene ele Eena feela sehlabelo se ka lefelang libe tsa lefats’e lohle- E kaba sebe se feng kapa se feng seo o se e ntseng, sebe sa moshanyana , sa ngoanana, monna, kapa mosali o feng kapa o feng.

Na Jesu o ile a fella sefapanong? Na o ile a fella lebitleng? Che! Ka mora matsatsi, a mararo o ile tsoha ka tlholo. ‘Me a khutlela leholimong, ‘me o sa emetse feela mohlang Ntate a reng ke bofelo ba lintho tsohle. ‘Me o tla ema ele moahloli ea lokileng ho ahlola batho bohle.

Na o na le Evangeli ea Johanne? U ka bala ho Johanne 10. Mona Johanne o ngotse litaba tseo Jesu a ileng a li bolella batho. ‘Me seo a se buile ho bao, o se buoa le rona kajeno. Jesu o ile a bolela hore ke eena molisa ea molemo, ‘me o behela linku bophelo ba hae. Re linku. ‘Me linku tseo eleng tsa hae li utloa lentsoe la hae. O li bitsa ka mabitso a tsona, ‘me lia mo latela. Empa eo eseng molisa oa tsona ha li mo latele le hona ho mo utloa.

O Sele, Eleng Lentsoe Le Leng

O sele ke ofeng, eo re loketseng ho mo balehela? Oho! Ke eo eleng Lesholu le senokoane! Eo ha tsotelle letho ka linku. Eo ke mothetsi le raleshano. Ha hona ‘nete ho eena. Ke satane. Ke sera sa rona, satane.

Ea mantlha, Satane ke sera sa Molimo. E ne ele lenyoloi la bohlokoa la Molimo leholimong. Empa eaba o tlaloa ke boikhohomoso, ‘me a batla ho iphahamisa ka holimo ho Molimo. A iketsa sera ho Molimo, ‘me a khelosa manyeloi a mangata’ eaba a ea le eena. Empa Molimo o ile a mo hlola, hobane ke Eena ea matla ohle. Eaba o leleka satane le manyeloi a mo latetseng. Ka hona satane o hloile Molimo ka baka leo. Ka hobane a kebe a eba pela Molimo le ka mohla o baliloeng, ka hona satane o halefela tlholeho eohle ea Molimo,le batho ba lichaba tsa lefats’e. Hobane eena a sitetsoe Molimo, joale o phephetsa le ho chechehisa bohle ho siteloa Molimo le bona. Sebe se ke ke se hlola se kena leholimong.

Hona le sebaka, eleng sebaka seo Molimo, a se lokiselitseng satane le manyeloi a hae. Se bitsoa lihele. Lihele ke n’galo ea tlhokofatso, litsikitlano tsa meno le lillo. Ke n’galo ea mollo le sebabole tse sa tlo tima ka mohla o le mong. Ke sebaka seo satane le bohle ba latetseng thetso ea hae ba tlang ho ahloloa teng. Ke sebaka se ts’abehang se harolang matsoalo, ke moo Molimo a tlang ho re akhela teng ha re ka khetha ho mamela lentsoe la satane khahlanong le Lentsoe la Hae.

Ka hona satane ha batle ha re ka nahana ka botsabeho ba lihele, kapa ho nahana ka boholo le botle ba Molimo. Ke ka hoo a batlang ka matla ho suthisa menahano le mehopolo ea rona ho Molimo. Satane o leka ka hohle ho etsa hore re sekehele lentsoe la hae le thetsang tsebe. Na u kile oa utloa lentsoe le sele, e leng lentsoe la o sele?

Hangata o etsa hore re lumele hore hona le se setle, se molemo seo a ka re fang sona. Ka nako tse ling o etse hore re nahane hore: “U molemo, ebile u bohlokoa ho feta ba bang” Ke bohlokoa, nna eseng e mong, ke lokeloa ke tse ntle feela, ke lokela ho loanela tokelo tsaka. Leha nka utsoa hase ntho e kaalo, ha feela nke ke ka tsoaroa kapa ka bonoa. Mang le mang ntse bana le ho bolela taba ea leshano, le nna ntse ke ka buoa leshano. Menahano le mehopolo e sa lokang ha se taba e kholo, haholo ha ho sena motho ea ‘mponang. Lipolelo tse lihlong, li monate lia qhabola le ho tsehisa”

Na ka nako e ‘ngoe, u kile oa utloa u nyahame hoo u phepetseha hore u be le mohopolo oa  hore “Ha kena molemo lefats’eng, hobaneng ntse ke phela?”

Ana kaofela ke mantsoe a satane . O leshano eena mokhoa hae. Ke ka hoo a lekang ka matla hore etsa ba leshano joaloka eena. Ke Lesholu le senokoane, ‘me o batla re ts’oane le eena re be masholu. Ke ‘molai joale o leka ka hohle hore re hloeane. Ha u mamela lentsoe leo la o sele, le etsa u ikutloe joang? A le etsa u ikutloe u khotsofetse ka hare? Oho! Che ha ho ka mo le ka u khotsofatsang le ho u thabisa le tlisa masoabi le lihlong. Le etsa u batle ho ipata. Litaba tsa hae li joalo ka eena, o rata ho sebetsa litaba tsa hae lefifing.

Jesu, Lentsoe La Molisa

Na u tseba Jesu, eo eleng Molisa ea molemo? Na u ka rata hoba nku ea hae? U ka rata ho tseba lentsoe la hae?

Haeba u re: Eea! U ka khona, empa pele ho moo u lokela ho se mamele mantsoe a mang ha e se la molisa ea molemo feela.

Ha joale, ha u ka ikhutsa, u tla utloa lentsoe le nyenyeletsang le bonolo la Jesu le u biletsa ho u fa bophelo bo sa feleng. O tla u bolella hore o inyatse le ho soabela libe tsa hao tsohle, ‘me o mo bolelle tsona.

Mohlomong, nakong eane ha o ne o ntse o ikhutsitse, u iphumane u ntse o nahana “Ebe joale ke tlo etsang ka litsito le meroalo ea libe? Hoja ke ne ke le ea lokileng. Ke lakatsa hore ebe nka ba sebakeng seo ke satlo hlola ke lapa kapa ho kula le ka mohla. Ebe ho tla etsahang ha nka shoa?”

Kapa, mohlomong u bile le maikutlo a mangata . ‘Me hook e sesupo sa lentsoe la Jesu le u bitsang.

Ka nako e ngoe mohlomong, u ee u ikutloe koatile ebe ha o tsebe na lebaka ke le feng? Kapa ebe u utloa le bolutu ekare u mong empa ‘nete ese hobane u fela u le mong? Ho ka etsahala hore sekheo le bolutu boo u bo utloang ebe ke lenyora le nyoretsoeng Molimo, ‘mopi le moetsi oa hau, ea bileng a u ratang. Ke molisa ‘me o bitsa nku e lahlehileng. Oa u bitsa ebile oa hooa le ho u tsoma ka hohle.

Ha u utloa lentsoe la molisa le hooa le u bitsa, u mo arabele, ‘me u mo bolelle hore u oa inyatsa le ho soabela libe tsa hau. ‘Molelle kamoo u ikutloang ka teng, ‘me u mo kope ho u boloka le ho pholosa. Seo se bitsoa thapelo.

Na u kile oa rapela Molimo ea maholimong? Etsa joalo, hona joale. O tla u utloa, a be a utloisise. O tla u fa khotso eo esale U e batla, U e tsoma hohle.

Na ebe u ka rata hoba nku ea hae, u be u utloe lentsoe la hae? Eena o rata hoba motsoalle oa hao. ‘Me o tla nka moroalo oa libe tsa hau. ‘Me u tla qala ho utloa thabo ka hare. U tlaba motho ea tletseng ka lerato le mosa joaloka Eena. O tseba le ho thusa ho hlola ts’abo e ka ho uena. Leha batho ba ka u hlorisa le hona ho u soma ka hobane o le mo-kreste, u ea tseba hore Kreste o tla o hlokomela. ‘Me leha o sele, a ka leka matsapa a ho leka hape, u lokela ho ts’epa Jesu hore a u thuse ho hlola phephetso eo ea satane.

Ha u bolokehile liatleng tsa molisa ea lerato, eba joale oa tseba hore qetellong, O tla u isa lehaeng le letle le khanyang, hoba le Eena ka ho sa feleng.

Hokahana le Rona

Kopa libukana