Bo-Kreste – Boleng Ba Seo Bo Leng Sona

Cross of Christ

Bo-Kreste bo ipapisitse le Molimo, Mor’a hae Jesu, Moea o Halalelang, le Bibele eo eleng lentsoe la Molimo le ngolletsoeng batho ba phelang lefats’eng. Mo-Kreste ke motho ea lumelang Bibele ka botlalo hore ke lentsoe la Molimo, ‘me a phela ho latela lithuto tsohle tsa Jesu Kreste. Tsela eena ea bophelo ke eona e tlisetsang motho khotso ea sebele le khotsofalo ea pelo, hona lefats’eng mona ha ntse a itokisetsa ho ea leholimong.

Molimo - Ntate

Bibele e re ruta hore Molimo o mong feela, eleng e sale a le teng pele mehla le linako li ba teng, ea tla lula ele Molimo ka mehla e se nang bofelo. Molimo o tseba lintho tsohle, ‘me bohlale le tsebo tsa hae ha li lekanyetsoe hobane ha feloe.  Bibele e re ho Liproverbia 15:3 “ Mahlo a Jehova a lin’galong tsohle, a qamaka ba babe le ba batle”. O teng hohle ka linako tsohle, ‘me o lemoha motho e mong le e mong ho bonts’isisa se etsoa ke batho ba lefats’e ka nako e le ngoe. Re ka rapela Molimo re le ho kae kapa kae, ka nako e ngoe le ngoe, ‘me o tla re utloa, kaha eena o hohle. Molimo oa utloa le hona ho mamela lithapelo, ‘me oa li arabela, etsoe o bona ho feta bohle. Molimo o mong fela, empa o ithlahisa ka libopeho tse tharo tsa botho: Molimo Ntate, Molimo Mora, le Molimo Moea o Halalelang. Libopeho tsena tse tharo li sebetsa hammoho ka mofuthu ka ha ke boraro bo bongoe.

Tlholeho Le Ho Oa, Ha Motho

Molimo o hlolile lefats’e le tsohle tse ho lona. Ka matsatsi a mahlano eaba Jehova Molimo o hlola Letsatsi, khoeli, linaleli, lefats’e, metsi, linonyana, le litlhapi. Eaba ka matsatsi a ts’eletseng Molimo o hlolile libata tsa lefats’e, eaba o bopa motho ka sets’oantso sa hae le ho ts’oana le eena. Motho ke eena thaka-ngoaha ho thloleho eohle ea Molimo, ke ka tsela le boholo boo Molimo  a ratang motho ka teng. Molimo o ile a bopa Adama eleng eena motho oa pele, a hloekileng, a senang sebe. ‘Me Molimo o ne a batla motho hore a mo sebeletse empa ebe ka boikhethelo ba hae. O ile a etsetsa Adama molekane eleng Eva, ‘me a ba fa taelo ele ngoe e kholo, empa ba khetha ho se utloe Molimo ba mo siteloa. Ka baka la sebe sa bona, ba ile ba arohana le Molimo. Ho hloka kutlo hoa bona eaba ho etsa hore bohle ba hlahela thohakong ea sebe le lefu. Molimo e ne ele eena feela ea ka lopollang batho. Hobane ho tsoa leratong la hae, “o fane ka Mor’a hae, ea tsoetsoeng a ‘notsi, hore mang le mange a lumelang ho eena a se ke a timela a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16)

Molimo - Mora

Qetella litaba tsa: Bo-Kreste – Boleng Ba Seo Bo Leng Sona

Jesu Kreste ke Mora oa Molimo. O tlile lefats’eng ele ngoana, ea ileng a tsoaloa ke moroetsana  ea so kang a tseba monna, ka matla a Moea o Halalelang. Jesu o ile a phela lefats’eng joalo ka batho bohle. O ile a lekoa ke Satane  ka tsela tse fapaneng joaloka ha le rona ntse re lekoa, a mpa a se ke a etsa sebe. Jesu o ile a tuma ka liketso tse molemo ho batho, a folisa batho ba kulang mafu a mefuta. ‘Me a ba ruta ka ‘muso oa Molimo, pholoso le lerato la Molimo. Sepheo sa hae sa ho tla lefats’eng, ene ele ho tla nehelana ka bophelo ba hae hore ebe sehlabelo sa libe tsa batho bohle lefats’eng. Morena Jesu eitse hobane a rute batho ka ho nena bobe, kotsi ea sebe le boikhohomoso, Bafarisi le baruti ba molao ba mo halefela haholo. ‘Me ba mo tsoara ba mo isa ka pela marena ho mo qosa, ‘me ba kopa hore a thakhisoe. Eitse hobane a shoe lefu la sefapano, barutuoa ba hae ba ile ba nka setopo sa hae ho se epela lebitleng.  Ka letsatsi laboraro, ka matla a Molimo, Jesu o ile a tsoha bafung. Empa pele a nkeloa leholimong, o ile a ruta barutuoa ba hae ka taba ea ho akofisa litaba tsa ‘muso oa Molimo.

Molimo - Moea O Halalelang

Moea o Halalelang ke motho oa boraro, ho boraro bo teroneng. Mosebetsi oa Ha ke ho tsebisa motho seo thato ea Molimo e leng sona. O khalemella batho borapeli ba litsoantso, melingoana le ho lesa bophelo ba sebe. Moea o Halalelang o mema batho ho amohela sehlabelo se e ntsoeng ke Jesu Kreste e le tefo le pheko ea libe tsa bona. Ho bohle ba lumetseng ho Morena Jesu, Molimo o ba fa lineo tsa Moea o Halalelang. Ke eena Moeletsi, maemong le maimeng a lefats’e, Mots’elisi hara mathata le mahlomola a lefats’e. ‘Me o khalema batho bokhopong le ho se lokeng hohle, ‘me o ba tataisa ‘neteng eohle.

Bibele

Bibele ke lentsoe la Molimo, ebile ke molaetsa oa hae o lebileng ho motho. Bibele hase taba tsa boiqapelo ba motho empa e ile ea ngoloa ke batho ba halaleleng ba Molimo ba khale, tlasa ts’uts’umetso ea Moea o Halalelang. ‘Me Bibele e phuthetse litaba tsa tlholeho ea lefats’e le popo ea motho.  E boela e re bolella hore batho bohle ba sitiloe, ‘me sebe se ba arohantse le Molimo. E hlalosa ka ho totobala tsela ea topollo, eo eleng eona e nang le matla a ho lokolla bohle litlamong tsa sebe le bokhopo. Bibele e re ruta kamoo re ka phelang bophelo bo halalelang le hore na re itokisetsa bosafeleng joang.

Ho Phela Bophelo Ba Bo-Kreste

Hoba Mo-Kreste ho re tlama ho lemoha hore re baetsalibe. Re lokela ho bolela libe tsa rona le ho amohela Morena Jesu e le Morena le Mopholosi oa rona. Ha nehelane ka maphelo a rona ho Molimo ka botlalo, Eena O re tlatsa ka Moea o Halalelang oa hae. ‘Me matla a Moea o lulang ka hara rona, a re etsa hore re be le lerato hape re ts’oarele batho melato ea bona. Mo-kreste ke motho ea tla tsitlallela bohloeki pelong ea hae, le hoba le ‘nete, le ho ts’epahala kamehla. Bibele e re fa ts’episo ea hore; Ha re sitoa!, “Ha re ipolela libe tsa rona, Molimo oa ts’epeha, O lokile, hore O re ts’oarele libe, ‘me o re hlatsoe bokhopo bohle”  (1 Johanne 1:9)

Kamora Lefu

Bibele e re ruta hore bosafeleng ba moea ke pakeng tsa libaka tse peli eleng Leholimo kapa Lihele. Hang ha re shoa, moea o hloboha nama, ebe oona o emela letsatsi la Molimo la kahlolo. Mohla letsatsi la kahlolo bohle ba pholositsoeng batla memeloa ho ea ba le Molimo leholimong. Empa ha ele bohle ba ileng ba hana ho etsa thato ea Molimo ba sa le lefats’eng bona batla romelloa liheleng. Lihele ke sebaka se ts’abehang hampe. Ke mokoti o senang bofello, oa mollo o tukang, ke moo ho lokiselitsoeng Satane le manyeloi a hae. ‘Me bohle ba hanneng ho utloa lentsoe la Jesu, eaba ba ikhethela ho phela sebeng, bona batla cha ka ho sa feleng ho sena le ts’epo ea ho pholosoa kahlolong eo.

Leholimo ke lehae le tulo ea Molimo. Ke sebaka se khahlehang, se bileng se phethehileng, sa khotso ea sebele le phomolo ea ‘nete eo re lokiselitsoeng ke Molimo. Leholimong ha ho sale lillo, bohloko, tlala, hlobolo, kapa bona bokulo. Ke lehae la bohle ba ileng ba hlobohana le nama le mesebetsi ea eona, ba mpa ba amohela Jesu joaloka Morena le Mopholosi oa bona. ‘Me bohle ba lopolotsoeng batla bina thoriso ho Molimo kamehla e senang bofelo.

Hokahana le Rona

Kopa libukana