Kamora Lefu

Ha joale u sa ntse u phela, ‘me ua phefumoloha, ua tsamaea le hona ho sebetsa. Ho ka etsahala hore ebe u phela, ka boiketlo kapa u teetsoe hare ke mesarelo. Letsatsi lea chaba le hona ho likela, kae kae ho ba le lesea le tsoaloang, ha kae kae ho ba le motho timelang.

Seo bophelo bo leng sona,
ke nakoana e khutsoane eo re balletsoeng
Empa,
U tlo ea hokae kamora lefu?

Ekaba u molumeli,
Kapa eba u ea sa lumeleng ho tumelo e feng kapa efe.
Teng u ntse u lokela ho arabela potso ena ea bohlokoa,
Hobane ka morao ha bophelo bo bokhutsoane ba lefats’e,
Eba motho eena o ea bosafeleng ba hae beo a bo sebelelitseng. (Moeklesia 12:5)

Feela ke hokae moo?

N’galong tsa bafu moo u tlang ho ea patoa teng, lebitla ha le no boloka Moea oa hau. Leha ‘mele oa hau o ka chesoa ka ontong empa mollo oo o keke oa metsa Moea oa hau. Le ha u ka timella bolibeng ba leoatle, empa ha ele Moea oa hau o ke ke o ba o teba moo.

Moea oa hau, o ke se o shoa!

Qetella litaba tsa: Kamora Lefu

Molimo oa leholimo le lefats’e
u itse “Meea eohle ke Eaka”

Hang hang ka mora lefu moea oa hau, “oona eo eleng uena ka sebele” o tla kopana le liketso tsohle tseo o li entseng ha ‘mele oa hao o ne o sa phela (bophelong ba joale), ekaba ke liketso tse ntle kapa tse mpe. Ho latela Ba-Heberu 9:27 “ ‘Me joalo ka ha laetsoe hoba batho bohle ba shoe hang, ho ntoo ba kahlolo’”

U kanna oa khumamela ka ‘nete eohle,
Eaba u soabela lits’ito le makhopo a hau.
U ka nna oa khutlisa tseo u neng u li utsoitse.
Tseo kaofela li molemo ebile li hantle.

EMPA
U keke oa lefellang libe tsa hau ka bo uena.

Molimo ea maholimong, eo eleng moahloli oa lefats’e lohle ea lokileng o tseba libe tsa hau le bophelo ba hau ka botlalo. Ha ho letho le patehileng le hona ho sirela ho Eena. Ha ele uena, ka libe tsa hau u keke ua kena thabong le khanyeng ea lefats’e le lecha.

Empa leha ho le joalo, Molimo ea maholimong, ke Molimo o lerato. U e ntse tsela ea topoloho ea bophelo ba hau le moea oa hau. Ha o batle ho iphumana u ile timelong le mollong oa lihele.

Molimo o rometse Morena Jesu lefats’eng lena ho tla pholosa moea oa hau. Jesu o ile a nka libe tsohle tsa hao a itjarisa tsona, ha ne a hlokofatsoa, ebile a shoa sefaponong. Molimo o ile a fana ka mpho ea bohlokoa ea leholimo eleng Kreste bakeng sa sehlabelo sa libe tsa hau.

“Athe o hlabetsoe libe tsa rona, a tetekoa ka baka la makhopo a rona, kotlo e re tlisetsang khotso e mo oetse holimo, ‘me re pholosoa ke maqeba a hae”( Isaia 53:5)

Ana ke mantsoe a ileng a porofetoa khale mabapile le se tla hlahela Jesu lilemo tse ngata pele a tsoaloa lefats’eng. Na u tla lumela hore ehlile Jesu oa u rata? Na u tla mo rapela, ebe u mo bolella libe tsohle tsa hau kaofela? Na u tla sokoloha u khutle tseleng tsa hau tse khopo, ‘me u lumele ho Jesu, Mor’a Molimo? ‘Me ha u ka itolobelletse Eena oa mo tsepahalla, o tla u fa khotso le bophelo bo khanyang ka mora lefu. Ka mora tseo e tlaba u na le ts’episo e tiileng ea lehae la thabo le boiketlo ba moea oa hau ka ho sa feleng.

Empa oho! Ha ele lemena la lihele le lets’a le tukileng hampe la mollo le sebabole li emetse bohle bao ha ba sale lefats’e ba ileng ba hana le ho latola lerato leo Morena Jesu a ba bontsitseng lona. Ha ho sa tlaba le khutla kapa eona tsokoloho ka mora ho shoa. “Joale, o tla re ho ba ka letsohong le lets’ehali: Tlohang ho ‘na, lona ba rohakiloeng, le ee mollong o sa feleng, o lokiselitsoeng Liabolosi le manyeloi a hae.” Mattheu 25:41. “Lahlelang mohlanka ea sebolu mafifing a kantle, moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno” Mattheu 25:30

Ntate Molimo, lentsoeng la hae le halalelang eleng bebele, u lemosa ka letsatsi la kahlolo le tlang ho tlela lefats’e lohle.  Mangolong ana a halalelang, ho ngotsoe litaba tsa boporofeta  tse hlalosang  hore pele ho letsatsi leo le ts’abehang hore ho tla ba le matsoao le liketsahalo tse hlakileng tse hlekellang letsatsi leo.

Pele Jesu a ka khutla ho tlaba le lintoa le melumo ea lintoa ka hohle, matsoenyeho le boikopanyo ba lichaba. ‘Me sechaba se seng se tla tsohela se seng matla, ‘me ba keke ba batla mokhoa oa lokisa litaba le ho bona na khanyetsano ea maikutlo e hlaha kae. Ho tla ba le litsitsinyeho le ho reketla hoa lefats’e ka n’ga tse ngata. Bibele e re bolella hore lerato la batho ba bangata le tla tapa ka baka la ngatafalo ea bokhopo. Ka tsela e tsoanang e tlaba batho bas a batleng ho eletsoa le ho khalengoa ‘me e tla ba ratang menate ea nama e seng Molimo. Na e be ha re lemohe ho phethahala ha boporofeta letsatsi leng le le leng, a ho phela ha rona? U ka ipalla ka botlalo Mattheu 24:6-7,12 le 2 Timothia 3:4.

Ha re lemoheng hore Moahloli oa rona ea moholo, o lokile ‘me a keke a fetisa kahlolo a ipapisitse le hore kajeno o na le maruo kapa o fumanehile, botumo kapa lihlong, kapa lebala , morabe, kapa eng le eng eo re nang le eona ha joale. Ka letsatsi le leng re tla ema ka pela  Morena le ‘Mopi ea moholo ho ahloloa ka tsohle tseo re li entseng. Bala Mattheu 25:32-33.

U lokela ho tseba hore bosafeleng bo tlang ha ho sa tla ba nako, alemanaka, likhoeli kapa tsona lilemo tse baloang. ‘Me kahlolo le tlhokofatso ea baetsalibe le ba sebelitseng lefats’e le tsa lona e tla ba ka ho sa feleng, ‘me ka tsela e ts’oanang thabo, lifela tsa nyakallo, menyakoe, le tseliso ea ba lopollotsoeng e tla ba ka ho sa feleng khanyeng le Molimo le bahalaleli. Eka khona u etse khetho kajeno, etsoe u ke ke ua tseba tsa hosane. “…Bonang, joale ke nako e ts’oanelang; bonang, joale ke letsatsi la pholoho.” 2 Ba-Korinthe 6:2 bala le Mattheu 11:28-30.

Hokahana le Rona

Kopa libukana