Lelapa Le Thabileng

Lelapa Le Thabileng


Bebele e re fa meoloane ea seo lelapa le lokelang hoba sona, ke sebaka se hlophisehileng, lehae le tsitsitseng, le tikoloho e mofuthutho ho bohle. Lelapa e kaba Sebaka khatholoho le khotsofalo kapa sebaka sa liqhoebeshano, hlonamo le likhatsatso tsa mefuta. Na lelapa la hao ke le thabileng, le tiileng, le khonang ho ema ha lifefo tsa bophelo li tsukutla lenyalo la hao?
Lelapa ke sebaka le sebae sa bohlokoa phelisanong ea batho. Le hlohonofalitsoe le ho tlots’oa ke Molimo ho fihla lintla tsena ho Holisa le ho matlafatsa meea ea rona, maikutlo le menahano le ho khotsofala litakatsong le ‘meleng. Morero oa Molimo esale ele hore e mong le e mong eo eleng setho sa lelepa a tlisetse ba bang thabo le nyakallo le hore lelapa le phelisane le ho lulisana hamonate ka boiketlo.

Hobane Malapa A Mang A Sa Thaba A Sena Khotso

Hobaneng, joale! Malapa a mangata a sa thaba ebile a sena khotso? Hobaneng ha malapa a thueha ka lebaka la ho se utloane ka maikutlo, le likarohano le tlhalano? Lebaka la mantlha eba hore tsela le bohlophisi ba Molimo ha bo ea natsoa le ho eloa hloko. Lentsoeng la Molimo ho ts’ets’oe teng malebela ohle a thusang lelapa hore ebe le thabileng kamehla. Lelapa le ahiloeng ho ea ka lentsoe la Hae, eba sebaka seo ho kollang Lerato, tsepano, lithahasello tse kopanetsoeng, ho bile ho sena boikhabi empa ele ho sebeletsana ka pelo e ntle. Ke feela malapa a joalo, a tlisang thabo le nyakallo maphelong a rona, ‘me a bile a re bolokela tikoloho le naha. Na oena o latela tsela le morero oa Molimo, Eena Moqhapi le Mothei oa Lelapa. “Ekare ha e se Jehova ea hahang Ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela…” (Pesalema 127:1)
Ts’iu ea Bocha ke hona moo motheo o etsoang, oa bokamoso ba malapa a rona. Bophelo bo hloekileng pela Ntate Molimo, ke bona beo eleng taba ea bohlokoa boitlhophong ba ho ken aka hara lenyalo. Boetsalibe ba pele ho lenyalo mabapi le tsa thobalano, bo thefula botsitso boitsoarong ‘me bo beha bokamoso ba lelapa tlokotsing le tsietsing. Ho ikhaba le ho inahanela bo-rona feela bocheng ba rona ho beha mohlala oa bophelo bo bobe bo lubakaneng ba ka  lenyalong. Lipalo tse phahameng tsa litlhalano ke sesupo le bopaki ba bototobetseng ba linnet tsena. Libe tsa mofuta oona, motho o lokela ho li bakela le ho sokoloha ho tsona ho ka ba le bophelo bo bocha ho Kreste. ‘Me tsohle tsa khale li fete ebe Molimo o kena bophelo ba hao ka mahlohonolo a hae ho oena.
Lelapa le qaleha hang ha monna le mosali ba koapangoa ka lenyalo le halalelang. Bebele eleng lentsoe la Molimo e re bolella le ho re ruta hore eka khona ha re nyala “…e mpe e be Moreneng feela” (1 Ba-Korinthe 7:39). Hona ho bolela hore ka bobeli monna le mosali ba lokela hore ba nehelane ka maphelo a bona le lithato le litakatso tsa bona ho Molimo. ‘Me Molimo e be eena oa mantlha, ea tlang pele bophelong ba bona. Empa ha monna, mosali kapa bobeli ba bona ele baikhabi ba ichebileng bo bona, ebe joale ke sesupo se feng sa mantlha se bonts’ang thabo e kopanetsoeng?

Qetella litaba tsa: Lelapa Le Thabileng

Ho Nyalla Moreneng

Ha ho buoa ka ho nyala “e mpe e be Moreneng” hoo ha ho bolele feela hore monna le mosali e be Ba-kreste, empa ho bolela hore Morena ebe Eena ea ba etellang pele ho kopaneng hoa bona.Ha ele litakatso tsa botho, khahleho ea lits’obotsi le seo motho anang le sona hase tsona lits’ia tsa lenyalo ke mafosisa ha motho a ka li hloaea ele tsona tsa ho qala. Joale ha taba tseo e kaba tsona susumetsang khahlano ea bona e mong ho e mong, e ba ho tla qholotseha pherekano le likhohlano lenyalong le joalo. Ha re ka lamella Molimo ho re tataisa le ho susumetsa khetho ea rona ea molekane, ke moo ebang bohlale bo tsoang ho Molimo bo re thusa ho khetha molekane eo mo hlokang, ebile a o tsoanelang, eseng khetho ea nakoana empa ea lilemo tse ngata tse tlang elng  bophelo ba lona bohle. Ha ho le joalo Molimo ha fuoe sebaka sa pele pelong ea motho a ka susumetsa litabatabelo tse itseng le semelo se seng, tse ka ahisanang ho le sebetsa ‘moho bakeng sa lelepa le tsitsitseng “ Ba babeli e tla ba nama e le ‘ngoe” (Mareka 10:8).

Tebello ea Molimo ka lenyalo ke hore ebe selakane sa bophelo bohle, eseng feela tokomane ea molao oa lenyalo. Morena Jesu o ile a fana ka taelo e hlakileng ere: “…Seo Molimo o se kopantseng hammoho, se se ke sa aroloa ke motho” (Mattheu 19:6)

Tsamaiso Ea Bo-Molimo Leapeng

Lehae ke motsana, ‘me joaloka karoloana ea sechaba phano ea boikarabello bo itseng e ea hlokahala. Molimo o re file ‘mapa oa tsamaiso ena Bibeleng. Ke ‘mapa oa matla, oo ha o ka lateloa o tlisang taolo le thabo lehaeng. Boikarabello bo boholo bo hlokoa ho monna, ebe mosali le ngoana, ka hlahlamano eno. (Bala 1 Bakorinthe 11:3; Baefese 5:23-24).Ha Molimo a beha ‘molao’ , ‘molao’ ono e ba o Halalelang. Ho se ikobele molao o joalo ho tlisa masoabi. Ka lehlakoreng le leng,o hlohonolofatsa ba ikobelang oona ka ho loka, thabo le mohau.

Lenyalong monna le mosali ba theha kopano eo ho eona e mong le e mong a bang le boikarabello hape ho na le ho lebeletsoeng ho tsoa ho eena. Bobeli monna le mosali ba hlokahala ka mesebetsi le bokhoni ba bona ba tlholeho bo fapaneng ho etsa lehae le phethehileng.Ho lokela ho be le ea etellang lehae pele ‘me Molimo o file monna boikarabello boo. “hobane monna ke hlooho ea mosali, joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea kereke, ‘me ke eena ‘Moloki oa ‘mele oa hae.”

Baefese 5:23). Lerato le joalo le tebisitsoe moeeng oa boinehelo. Ke lerato le nang le tsotello le etsang hore monna a talime mosali “joaloka ‘mele oo e leng oa hae “ (Baefese 5:28). Monna ea nang le lerato ha a nke mosali e le ea ka tlase ho eena. Empa o ntšana se inong le eena, a batle boeletsi ho eena,ho mo etsa molekane oa ‘nete ka lerato la hae ho eena. “Haele lona basali, le utloe banna bao e leng ba lona joalo, hore leha ba bang ba ka ba teng ba sa lumeleng lentsoe, ba mpe ba hapuoe, leha e ke ke ea eba ka lentsoe, e be ka metsamao ea basali ba bona,”

( 1 Petrose 3:1). Ha mosali a latela boetapele ba monna oa hae lehaeng, ‘me monna a latela ba Kreste, lehae la bona e tla ba setšabelo sa khotso le khotsofalo. Baefese 5:33 e re, “…’me mosali eena a hlomphe monna oa hae.” Borabele khahlanong le ‘molao’ ona bo timelitse khotso malapeng a mangata kajeno. Ho hata ka thoko ho ‘molao’ ona ha ho tlise feela khohlano malapeng, empa ho boetse ho tlisa ntoa ea semoea pelong ea mosali.

Sebaka Sa Bana

Hangata le hangata re nahana ka bana, ‘me re etse qeto ea hore ba Hloekile ntle le sekoli ebile ha bana molato le o mong. Leha, ho le joalo, kaofela ba tsoaloa bana le sebe sa tlhaho. ‘Me ha ngoana a ntse hola, o tla lemoha boikhabo ba bo-eena botla eketseha ho paka seo. O tla etsa lintho tse tla sulafalletse eena le ba bang, ‘me batsoali ha ba sa mo khalemele ka thata e qetella eba tloaelo ea hae. Boikarabello ba ngoana ke ho utloa le ho mamela batsoali ba hae. “Bana, utloang batsoali ba lona Moreneng hobane ke ntho e lokileng” (Ba-Efese 6:1). Mohlala o phethehileng oa ngoana ea nang le kutlo ho batsoali re o bona bophelong ba Jesu ha ene le ngoana. “Eaba o theoha le bona, a ea Nazaretha. O ne a ba utloa…” (Luka 2:51) Ha boikokbetso bo tsamaea ka mo bo tsoanelang ka teng, ke moo re fumanang lelapa, batsoali le bana ba thabileng, ‘me hoo ho etsa lelapa le mofutho ho bohle.

Ha tsela ea Molimo ea hlahlamano e latetsoe e ba joale batsoali bat la phelela bana ba bona, ‘me le bana ba phelele batsoali, ‘me bohle ba phelele Molimo. Lelapa le joalo eba hlohonolofatso tikolohong  le metseng ea rona ‘me e fa naha seriti se hlomphehang.

Bacha ba bangata metseng le metsaneng ba inehetse lithethefatsing, joala, menate ea lefats’e, botumo ba nakoana, menate ea boinyakalatso. Ba hapiloe le ho bofshoa ke lefats’e la joale le menyakoe ea lona, ‘me ha ba natse boitsoaro le seemo tsa botho. Lintho tsena tseo ba seng ba sa li natse kajeno ke tsona tse neng li fa sechaba sa rona seriti le boleng bo holimo.  Hore e be rena le bacha ba sa tsitsang le ho iketla boitsoarong na ebe lebaka hase bosieo ba malapa a bolokehileng le a thabileng ele sona sesosa sa mantlha? E be oena o etsang ka boemo bo? Na ha ho so tle ho oena hore ekaba ho etsa lelapa la hao e be le thabileng ho itsetlehileng ho ts’epahalleng Molimo ka pelo ea hao eohle?

Jesu Lejoe La Ntlha La Motheo

Ha motho a batla ho haha lelapa le thabileng ebile le matlafetseng, eka khona Jesu ebe eena motheo oa lelapa leo. Lipula le lifefo tsa bophelo li ka tla khahlanong lenyalo le joalo, empa ka Kreste le tla ema le be le hlole.

(Mattheu 7:24-27)

“Ka baka leo, e mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ‘me a etsa ka tsona, nka mo ts’oants’oa ka monna ea bohlale, ea hahileng ntlo ea hae letlapeng; ‘me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo; ‘me ha e a ka ea oa, kahobane motheo oa eona o le letlapeng. Empa e mong le e mong ea mamelang lipolelo tseo tsa ka, ‘me a sa etse ka tsona, a ka ts’oants’oa ka monna ea leoatla, ea hahileng ntlo ea hae lehlabatheng; ‘me pula ea theoha, phororo tsa tla, le meea ea foka, ea otla ntlo eo, ‘me ea oa, ‘me ho oa ha eona ea eba ho hoholo.”

Morena Jesu ke eeena ea re supisang tsela, ea re fang matla hap eke eena ea re khothathatsang hore malapa a rona ebe a atlehileng ebile a thabile hara lefats’e le khopo le senang qenehelo. Morena Jesu ha sa le lefats’e ene ele motho ea ratang lelapa, ho joalo le kajeno ‘me u malala-a-laotsoe ho kena ka hara malapa a rona. Ke ka hoo a reng: “Bona, ke eme monyako, ‘me kea kokota…” (Ts’enolo 3:20). Pele, u kokota monyako oa lipelo tsa rona, e be ha morao u kokota monyako oa malapa a rona. Na e be oena o tla mo bulela?

Bonnete ba taba ke hore lelapa le thabileng le qala lipelong tsa rona.  Re tla sitoa hoba le khots esa ‘nete le thabo ea sebele malapeng a rona ha feela lipelo tsa rona li sa apareloa ke thabo le khotso. Tlholo ea letsatsi ka leng khahlanong le tsitspano le pherekano tse tlang letsatsi le leng e k aba ea rona ha fella re ka beha ts’epo ea rona ho Molimo. “Ea pelo e tiileng u tla ‘moloka khotsong e fetisisang, ka hobane o u ts’epile” Esaia 26:3

Lelapa le behileng kapele batla rapela hammoho bakeng sa lipelo tsa bona, bakeng sa lelapa la bona, le bakeng sa litlhoko tsa tikoloho e ba potileng. Thapelo e tlamahanya lelapa hammoho. Polelo e tsepahalang e tummeng e re: “ lelapa le rapelang hammoho le lula hammoho.”

O lokela ho lumela le ho amohela morero oa Molimo bakeng bophelo ba hao le lelapa la hao. Bulela Morena Jesu monyako oa pelo ea hao “Kajeno, ha le utloa lentsoe la Oona, le se ke la thatafatsa lipelo tsa lona..” Ba-Heberu 3:15. Morena o larile o emetse ho hlohonolofatsa pelo ea hao le lelapa la hao. Khutlela ho Eena ka pelo eohle ea hao ‘ me o mo tsepahalle. Ka letsatsi le leng le Eena ka lebaka la qeta e molemo eo o ka ee etsang, u tla u bulela monyalo oa lehae la hae eleng leholimo, moo teng o tlang ho khahlanyetsoa ke thabo le khotso tsa ka hosafeleng.

Hokahana le Rona

Kopa libukana

Na U Tseba Molimo Oa ‘Nete?

Motho e mong le e mong hona le seo a se khumamelang. Batho ba bang ba khumamela lihloliloeng, ba bang motho, ba bang lintho tse behliloeng, ha ba bang ba khumamela bona. ‘Me mofuta oo oa batho o bonts’a boitolobetso ba bona ho melingoana eo ea bona ka tsela tse fapakaneng. Leha ele mona boholo ba bona batho bao ba tsoelapele ho bonts’a boitolobetso ho melingoaneng ea bona, empa ho salang ke lenyora le sello se seholo lipelong tsa bona. Batho bana ba khona ho fumana khatholoho le phomolo ea nakoana meeeng ea bona ebile ba sena ts’epo ea letsatsi le hlahlamang. Ke moo ba fihleloang ke ho soaba hoba joale bokamoso ba bona bo ba joaloka nako mohla tsietsi. Melingoana eo ba ee sebeletsang ha e khone ho ba thusa ho koala sekheo se bang teng meeeng le maphelong a bona.

“Lits’oants’o tsa bona ke silefera le khauta, mosebetsi oa matsoho a batho. Li na le melomo, ‘me ha li bue; li na le mahlo, ‘me ha li bone. Li na le litsebe, ‘me ha li utloe; li na le li nko, ‘me ha li fofonele; Li sitoa ho ts’oara ka liatla tsa tsona; ka maoto a tsona ha li tsamaee, ha ho lentsoe le tsoang ‘metsong oa tsona” Pesalema 115:4-7

Uena u khumamela mang? U lula kae molimo ua hau? Na ua phela? Ekaba u etselitseng letsatsing la kajeno? Na u se u ile oa buoa le Eena kajeno? Na u ile a arabela sello sa pelo ea hau? Ke eng hoo u lumelang ho ona?

Ntumelle ho hlahisa ho uena Molimo eo eleng Eena oa ‘nete ea hlotseng satane, eo eleng sera sa rona se seholo. Ke Eena Molimo oa tlholeho eohle, eo ileng eare ha buile hang hore tsohle li be teng li ileng tsa feela tsa ba teng. Mangolo a halalelang eleng Bebele e re bolella ka Molimo enoa oa leholimo, Eena ea bopileng motho ka lerole la lefats’e. U ka fumana taba tsa tlholeho ho Genese khaolo 1 le 2.

Ke Molimo oa bosahlaheng le bosafeleng. Ha ana qalo leha ele qetello. E ne e le Eena maobane, e sa le eena le kajeno, ‘me e tla ‘ne e be Eena ka ho sa feleng. Ke eena Motlholi le ‘mopi oa tsohle, ke Eena ea kakatletseng le ho boloka lintho tsohle. ( LIKETSO 17:22-34)

Qetella litaba tsa: Na U Tseba Molimo Oa ‘Nete?

Molimo enoa ea moholo ha kana, ea lulang maholimong, O bile o na le thahasello ho uena u le motho. Oa u bona ka hara litila-tila le lets’oele la batho ba lefats’e. Oa u rata hape oa u tsotella. Molimo oona O batla likamano tsetebileng ho fetang tsa setsoalle. Ke ka hoo a rometseng Mora oa hae hore e tle ebe eena mopholosi oa rona. O batla ho phela le uena, empa ha batle hoo fela hona le se seholo seo a se batlang ke ho etsa lehae ka hare ho rona, ho phela ka ho oena. O re:  “Lulang ho ‘na le ‘na ho lona” Johanne 15:4

Ha eba feela a sa lule ka pelong ea hao, ebe ke mange a lulang? Ha re sheba lintho re tla lemoha hore satane oa busa ‘me o busa maphelo a litila-tila tsa batho lefats’eng. ‘Me ke eena ea renang ka hara lipelo tsa batho bao. Satane o ba phephetsa le ho ba hohela ka liketso tse mpe joaloka leshano, bosholu,litakatso, bomenemene, boiphetetso, bofebe,le boiphahamiso. Ha feela satane a phela ka pelong ea hao, ebile a hohella ho se seng sa libe tsena le ho feta tsena, hobane o keke oa bona ho le molemo ho balehela ho Molimo oa melimo, ea nehelaneng ka mora oa hae ea inotsi, Jesu Kreste, hore a tle a shoe bakeng sa libe tsa lefats’e lohle. Johanne 3:16

Eka nna eaba oa ipotsa hore “na ebe taba ee ke ea ‘nete? Ho tla joang hore Molimo ea mo kaalo, ea Matla ohle a lule ka hara pelo ea hao” Esaia 57:15

“Hobane ho itsoe ke Mookameli ea holimo-limo, eo bolulo ba hae eleng bo sa feleng, ea bitsoang Mohalaleli: Ke ahile ng’along e phahameng…”

Ha eba u khathetse ebile u tenehile ke bophelo ba boetsa-libe, hobane o sa bone ho le molemo ho bitsa ho Molimo ea moholo, u be u sokolohe, u bakele libe tseo. Ka tumelo ho Molimo le hlats’uo ea mali a Jesu Kreste libe tsohle tsa hau li tla tsoareloa ‘me u amohele semelo se secha sa Bo-Molimo. Joale ha satane a tla ho tla o leka, u tla ikutloela boteng ba Molimo ea moholo bo tlatsa ho hlola liphephetso tseo tsa satane. Ke moo Molimo a tlang ho fa tataiso le ho ruta lintho tsohle.

Johanne 14:26 “…ke Eena ea tla le ruta tsohle, ‘me u tla le hopotsa le tsohle tsee ke le bolelletseng tsona.”

Ho Johanne 10:10, Morena Jesu o tsepisane ka bophelo ka botlalo, bo fetisisang ‘me le oena a ka o fa bona ha u lumela ho eena. Bophelo bona ke mpho ‘me e tlaba ho uena ha fela u mo tsepahalla ebile o mo utloa. “Ha le rata ho utloa, le tla ja monono oa lefats’e.” Esaia 1:19 Ha hona molimo oo mong o moholo joaloka Molimo enoa.

Hokahana le Rona

Kopa libukana

Morero O Motle Oa Molimo Ka Pholoho

Leseli La Lefats’e

Bibele ke lentsoe la Ntate Molimo, ke ‘nete ka hosafeleng. E tsoere litaba tsa hloleho ea lintho tsohle, ho se utloe Molimo, le ho oa hoa motho le tsuo e tlisitsoeng ke hobane motho a sitetsoe Molimo. ‘Me e boetse e re bolella ka lerato le makatsang la Molimo, ho motho ka ho etsa mokhoa le tsela ea ho lopolla motho. Bibele e re bolella ka Mopholosi ea ileng a tsoaloa, a ba a shoa bakeng sa libe tsa batho bohle, a ba a tsoha bafung bakeng sa pholoho ea batho. Mang le mange a tla lumela molaetsa oa pholoso eo, o tla fumana ts’oarelo ea libe tsa hae, botsitso ba maikutlo, lerato mahlong a batho, matla khahlonong le sebe le ts’epo e phelang bakeng bophelo bosafeleng.

Hloleho e Hlolla ea Molimo

Molimo, ke eena ‘mopi oa hloleho eohle, ‘me esale a le teng. O hohle ka linako tsohle. Ke Molimo ea matla ohle, ea ts’ebang tsohle, bohlale bohle ke ba hae.  Ka matla a hae a maholo lintho tsohle li ile tsa hloleha. Molimo o bopile lefats’e le apesitsoeng ka metsi, eaba o re; “Ha ho hlahe moo ho omileng” eaba ho feela ho eba joalo ka ha laetse. A theha lithaba le liphula ‘me a li apesa ka joang ban aha, le ka lipalesa tse ntle, le ka lifate tsa mefuta. A bopa le linonyana tse binang meloli e fapakaneng. Molimo a bopa liphoofolo tsohle tse lefats’eng, tse kholo le tse nyane, tse fulang naheng le tse lulang merung, hammoho le likokonyana le lihahabi tse ka tlase ho lefats’e. A theha maoatle, linoka le mats’a le tsohle tse nyekenyang metsing. A etsa likarolo tsa mafats’e moo merabe ka ho fapana e phelang teng. Molimo a etsa letsatsi hore le buse motseare le ho futhumatsa lefatse, le khoeli ho bonesa bosiu.  A apesa leholimo ka linaleli tse ngata tse ntle tse phatsimang bosiu. Eaba ha qetile ka tsohle Molimo o bopa motho ka lerole la lefats’e. A bululela linkong tsa hae phefumoloho ea bophelo, ‘me motho ea eba moea o phelang. Molimo a mo bitsa Adama.

Molimo a bona hore Adama o hlorile, ,me o hloka mothusi, a mo robatsa boroko bo boholo. Eaba o nts’a lehopo ho Adama a etsa mosali. Adama a rata Eva, ‘me le eena a rata Adama. Eaba ba ba le khokahano le kopanelo e mofuthu ‘moho. Oonsa e ne ele morero oa Molimo ka lelapa.

Molimo a hlola le ho bopa tsohle ka matsatsi a ts’eletseng, eaba ka la bosupa oa phomola. A sheba tsohle tseo a li entseng, ‘me a bona hore ho molemo hape ho ho tle. Eaba Molimo o hlohonolofatsa letsatsi la bosupa, a le khetha hore ke letsatsi la motho la phomolo.

Qetella litaba tsa: Morero O Motle Oa Molimo Ka Pholoho

Bibele e boela e re bolella ka ho oa ha lenyeloi le bitsoang Satane, kapa liabolosi. O ile a tebeloa leholimong ‘me a lahleloa lefatse’eng ka hobane a entse ho leng hobe leholimong. ‘Me ka baka la hae ho teng, mahlomola, lillo, bohloko, bokulo, ‘me lefu la kena lefats’eng.

Tsietsi Ea Pele Ea Sebe

Molimo a rata Adama le Eva haholo. O ne a e ntse ts’imo e ntle bakebg sa hore ba phele ho eona. E ne e bitsia Edene. Adama o ne a lokela ho ee lebela le ho ee hlaolela. Ts’imong eo hone hona le litholoana le meroho ka mefuta ea teng, hore ba ee je. Empa ho ne ho na le sefate hara ts’imo se bitsoang sa tsebo ea bottle le bobe. Molimo o ne a ile a laela Adama hore a seke a ja tholoana ea sefate seo, hobane mohlang a ka se jang , o tla shoa. Eaba ka letsatsi le leng Satane o tla ho Eva, ‘me a mo bolella leshano a re: “H a e le ho shoa, le k eke la shoa; Molimo o mpa o tseba hobane, mohla le li jang, mahlo a lona a tla tutuboloha, ‘me le tla ba joalo ka melimo, le tsebe bottle le bobo.” Genese 3:4-5

Eare ha sheba tholoana tsa sefate seo se setle, a bona hore se ea lakatseha ho ka jeoa, le hore  sea hlalefisa. Eaba o nka tholoana tsa sona, ,me a fa Adama bobeli ba ja. Hang-hang ba utloa lets’oalo lipelong tsa bona,. Ba ikutloa ka tsela eo ne so ka ba ikutloa ka teng. Ba tseba hobane ba e ntse ho sa lokang. ‘Me ba apareloa le masoabi le lihlong, ha ba lemoha ho se utloe Molimo hoa bona.  Eaba ts’abo e kenella lipelo tsa bona, ha ba hoopla hore Molimo o tlo kopana le bona. Eaba ba ikapesa ka makhasi a lifate. 

Eitse ha ho pholile, letsatsi le se lea likela , Molimo a bitsa Adama  a re ho eena: “U hokae na? Empa ne ba k eke ba ipata pela sefahleho sa Molimo,  eaba ba ihlahisa pela Molimo ‘me ba amohela sebe sa bona. Eaba Molimo o etsa hore ba utloisise  boholo ba sebe ka ho tlola taelo ea hae. A ba bolella hore o tlo ba otla ka lebaka la ho se utloe hoa bona. A re ho tloha joale le tla hlaheloa ke tse bohloko, mathata bophelong ba lona. ‘Me ho tloha mohlang oo batla sebetsa ka thata hore ba tle ba je. ‘Me ‘mele ea bona bona e tla khathala e tsofale. ‘Me bat la shoa ba boele leroleng la lefats,e hape.

Kamora hore Molimo a ba nts’e ts’imong e ntle, Molimo a bea likerubime  tse tsoereng lerumo le tukang, ho ba thibela hoja sefate sa bophelo. ‘Me ba qala ho utloisisa litlamorao tsa sebe sa bona le hore na se ba tliselitse mahlomola a mahola ha kae.

Litlamorao Tsa Ho Sitoa

Adama le Eva ba ile ba spoabela sebe sa bona haholo, sa ho se utloe Molimo. Leha ba ne ba sitetsoe Molimo joalo, empa o ne a ntse a ba rata. O ile a ba tsepisa Molopolli eat la tlisa pholoho ea batho bohle.

Kaine le Abele e bile bara ba babeli ba Adama le Eva. Ka tsatsi le leng, ba rata ho hlahisetsa Molimo mahlabelo. Kaine a tlisetsa Molimo lijo tse behoang ke lefats’e. Athe Abele eena  a khetha likonyana tse mohlape oa hae, ‘me a etsa sehlabelo ka tsona, a tsolla mali a tsona. ‘Me Molimo  a talima sehlabelo sa Abele hobane a khahlisitsoe ke sona. Empa Molimo a seke a khahlisoa ke sehlabelo sa Kaine leha ele nyehelo ea hae.

Kaine ha lemoha hore  o khahlisitsoe ke sehlabelo sa Abele, a mo monela, ‘me lehloeo bakenf sa Abele la kena pelong ea hae. ‘Me ka tsatsi le leng eitha a re: “Abele Ngoan’eno o kae?” Kaine o ne  a sa rate ho bolela ‘nete, eaba o re: “ Ha ke tsebe; a ke molisa oa ngoan’eso na?” (Genese 4:9) Kaine le eena ha ka utloa le ho latela litaelo tsa Molimo. Molimo o ne a ile a mo omela le ho mo elelisoa kotsi pele a ka bolaea Abele a re: “ Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se k eke sa ela na? Molimo  a mo lemosa hore hoja a e ntse hantle sehlabelo sa hae se k aba se amohetsoe. ‘me hoja o ile a fetola sebopeho le boitsoaro ba hae  eaba o rata ngoan’abo. Hang hape aebe sa etsa motho hore a ne a arohane le Molimo a be hole le sefahleho sa hae. Eaba Kaine eba mobalehi le moleleri lefats’eng.

Molimo O Rataile Lefats’e A Ba A Lefa Mor’a Hae

“ Ke ho re, kajeno, le tsoaletsoe ‘Moloki, motseng oa Davida; ke Kreste, Morena” ( Luka 2:11).

Kamora hore Abele a bolaoe, Kaine o ile a tloha habo, Adama le Eva ba tsoala mora e mong. Lebitso la hae ea e ba Setha. Eaba Setha e ba monna ea ts’abang Molimo. ‘Me Molimo a hlohonolofats’a litloholo tsa Setha. Ba ile ba utloa ‘me ba lumela ts’episo ea Molimo e ntle ea hore o tla romella ‘Moloki ho ba lopolla. Abrahama, ka ho otlolloha, o ile a lumela Molimo, ‘me ka ho etsa joalo a bitsoa motsoalle oa Molimo. Abrahama a boleloa hore ka litloholo tsa hae Molimo o tla hlohonolofatsa lichaba le merabe eohle ea lefats’e.

Lilemo tse ngata hamorao Molimo, a phethahatsa ts’episiso eaba o romela ‘Moloki lefats’eng. Taba eo e ile ea etsahala ka mohlolo, motseng o monyane oa Bethlehema oa Judia. Ho ne ho na le setala sa liphoofolo, eaba ngoana o tsoaloa ke moroetsana Maria, ea neng  a s aka tseba monna.(Luka 2:1-7). Lenyeloi le ile la bolella Maria hore a tle a rehe ngoana lebitso la Jesu (ke ho bolela ‘Moloki). ‘Me o tlaba moholo, ‘me o tla ruta batho litaba tsa ‘muso oa Molimo. Jesu o ile a hola joaloka ngoana e mong. Ha a se a le lilemo li leshome le metso e ‘meli, o ne a se a utloisisa lentsoe la ka botebo ho feta barutehi le bangoli ba Jerusalema. O ne a bonahala a tseba ka botlalo litaba tsa molao le tsa baporofeta. Ho ne ho sena motho ea mo botsang potso eo a ka hlolang ho ee araba.

Jesu o ne a thahasella haholo ho kopanela le lihloko tsa batho. Ha se a le lilemo tse mashome a mararo, o ile a qala ho ruta masinagogeng. Eaba ka letsatsi le leng o bala bukeng ea testament ea khale, boporofeteng ba ho tla hoa Messia. Eare ha qeta ho bala, eaba o re ho batho: “Kajeno, lengolo leo le etsahetse, le ikutloela” (Luka 2:21). O ne a ruta batho ka borena le matla. A ruta hore batho ba bake hobane ‘muso oa maholimong o atametse.  A hlalosa hore ‘muso oa maholimo o keno aka ts’okoloho feela.  A hore batho ba kumamele Molimo ka ‘nete le boikokobetso. ‘Me a khalemela ba ikhohomosang le bas a lumeleng ka labaka la libe tsa bona. A ruta litaba tse molemo tsa lerato ho mafutsana le ba hlokang.

Jesu O Fana Ka Bophelo Bo Sa Feleng

Jesu o ile a ruta hore “ Ke ‘na tsoho le bophelo, ea lumelang ho ‘na, leha a shoele, o tla phela” (Johanne 11:25).

Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata, h leka ho khulisa batho hore ke eena ‘Moloki eo bam o ts’episitsoeng ho tsoa ho Molimo.  O ile a folisa bakula, a tutubolla lifofu, a etsa litholo li boele li utloe hape, a leleka matemona, a tsosa bafu ba phela hape. O ile a tsamaea holima metsi, a khutsitsa sefefo sa leoatle ka polelo ea lentsoe la hae.  O ile a rohaka sefate sa feeea, eaba sea omela ho isa metsong ea sona. O ile a fepa batho ba fetang likete tse hlano ba ne ba lapile, ka mahobe a mahlano le tlhapi tse peli. Ha ba qetile ho ja ho ne ho setse liroto tse leshome le metso e ‘meli tsa lijo. Bats’oasi ba litlhapi ba ile ba tsoasa litlhapi tse ngata ka taelo ea polelo ea hae. Ka letsatsi le leng o ne a kopane le balepera ba leshome, ba ileng ba utloela ka botumo ba Jesu. Ba hooa ba re: Monghali, re hauhele” Ka polelo ea hae feela eaba ba ntlafala, ba fola.

Lets’oele le le ngata le ne le latela Jesu ka tsatsi le leng le leng, ha kena motseng kapa ha le tseleng. Batho ba ne ba fumana hlohonolofaatso ka mantsoe a hae a mosa, a molemo, a nang le kutloelo bohloko le ka mehlolo ea neng a e etsa. ‘Me a qala ho bolella mats’oele hore ke Mor’a Molimo, le hore Molimo ke Ntat’ae. ‘Me bohle ba neng ba lumela mantsoe a hae ne ba ruoa molemo le hlohonolofatso e kholo. A bolella ba lumetseng ho eena hore ke ban aba Molomo.

Jesu a re ho barutuoa ba hae: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate: hoja ho se joalo, nka be ke le boleletse; ke ea ho le lokisetsa bolulo. ‘Me etlare ha ke se ke ile’ ke le lokiselitse bolulo, ke tlaboela ke boee, ke le nkele ho ‘na, hore moo ‘na ke leng teng, le lona le be teng” (Johanne 14:2-3). Leholimo ke lehae la Ba-Kreste bohle. “Tlohong, lona ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ‘muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefats’e le theoa”( Mattheu 25:34)

Jesu O Shoetse Libe Tsa Rona

“ Eitse hobane ba fihle thoteng e bitsoang Lehata, bam o thakhisa…” (Luka 23:33)

Bangoli le Bafarisi ne ba halefisitsoe haholo ke Jesu le lithuto tseo a li rutang. O ne a ba nyatsa hangata ka ho ipatlela tlotla le ho ikhapela lichelete tsa batho ka bolotsana. Ba ne bas a batle Jesu, ba mo monela, ka hobane batho ba bangata ne ba lumela ho eena, ‘me bam o latela, ba bile ba mo rorisa. Ba ne ba ts’aba hore sechaba se tla etsa Jesu Morena oa bona.

Ka mehla ba leka Jesu ka lipotso, hore a tle buoe kapa ho etsa ntho e tla etsa hore batho ba lahleheloe ke ts’epo le tumelo ho eena, empa Jesu o ne a ba lemoha pele, a ba arabela ka bohlale bo, ba phahametseng. Lehloeo le khalefo tsa bona tsa nna tsa tota, ha Jesu a tsoelapele ho tsebahala le ho tum aka hohle. ‘Me ba qala b aloha maraba a hore na ebe batla mo tsoara joang, tle ba mo bolaee.

Ba atleha ho tsoara Jesu, ‘me bam o isa lekhotleng,  ba ma qosa ka hore ke moetsalibe le monyefoli. Ba mo qosa ka litaba tsa boiqapelo  ba leshano. ‘Me bam o hlahisa kapela Ponti Pilato, ‘musisi oa Roma ea neng a le Judia. Pilato a se fumane molato ho Jesu, eaba o khetha ho mo lokolla. Empa baqosi ba Jesu ba halefa haholo, ba hooa ba re: “Ha thakhisoe”. Eare ha Pilato a utloa lerata la ho halefa hoa sechaba le lits’oso, a lumellana le kopo ea bona, ‘me a nehelana ka Jesu ho bona. Eaba ba nka Jesu ba mo roesa moqhaka oa mofapa-hloho hlohong, ‘me ba qala ho mo soma le ho tseha ka eena bam o bitsa Morena. Ba mo tsoela ka mathe, ba  mo otla hamper. Qetellong, ba mo thakhisa sefapanong, ‘me ba mo tlohella teng hore a shoe.

Jesu o ile a bolaoa a sena molato leha ele sebe sa se e ntseng, joalo ka konyana eo Abele a e hlaba ho etsa sehlabelo aletareng lilemo tse makholo-kholo tsa ho feta. Abele o ne a hlahisi konyana ele sehlabelo pela Molimo, e le lets’oao la Konyana ea Molimo e neng e tla hlabeloa lefats’e lohle tsoarelong ea libe. Baporofeta ba pele ba ile ba porofeta hore Jesu o tla utloisoa bohloko a be a bolaoe. Johanne mokolobetsi, o ne are: “Bonang, ke Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefats’e.” (Johanne 1:29). “Hobane Molimo o ratile lefats’e hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notsi; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng” (Johanne 3:16)

Jesu O Tsohile Bafung Ho Re Lokolla

“ Ha a sa le mona, hobane o tsohile joalo ka ha a na a boletse. Tloong, le bone tao eo Morena a neng a behiloe ho eona” (Mattheu 28:6)

Letsatsing laboraro kamora lefu le lepato la Jesu, eleng letsatsi le qalang beke, basali ba ‘maloa ba tla lebitleng, hore bat le ba noke setopo. Ka ha ene e ntse e le ka meso, ba makala ha ba lemoha hore lebitla ha lena letho. Hore setopo sa Jesu ha se eo ka moo.  Ba tsoha haholo. Hang-hang manyeloi a mabeli a ba hlahela a apere liaparo tse benyang a re ho bona: “..Ea phelang na le ‘matlelang hara bafu? Ha a eo mona, empa o tsohile.”(Luka 24:5-6). Ka potlako ba boela ho barutuoa, ho ba bolella tseo ba li boneng le ho li utloa. Empa barutuoa ha ba lumele seo ba se bolelletsoeng, eaba Petrose le Johanne ba mathela teng ho ea bona ha eba efela ho le joalo. Le bona ba fihlela ho se letho ka lebitleng. Ba kena ‘me ba fumana masala a thathetseng setopo a mengoe hantle, pela moo hloho ea Jesu e neng e lutse teng. Eitse ha ba bona seo ba lumela seo ba se bolelletsoeng ke basali. Mantsiboea a letsatsi lona leo, barutuoa ba sa le hammoho, ba ikoalletse ka tlung, ka ho ts’aba Ba-Jude. Eaba Jesu o aba hlahela ‘me a ema hara bona, ‘me a re: “Khotso ebe le lona”. A ba bonts’a liatla tsa hae tse maqeba, le leqeba le lehlakoreng. Eitse ha ba bona hore ke eena Jesu lipelo tsa bona tsa tlala ka thabo, ‘me ba lumela hoba ke Jesu ileng a thakhisoa, ‘me o tsohile bafung. Kamora seo, Jesu a ihlahisa ho batho ba bangata ho ba tiisetsa ka hore efela a tsohile bafung.

Hoseng hoa letsatsi leo Jesu a ileng a tsoha ka lona, e sa le letsatsi la bohlokoa nalaneng le kajeno. Ka lona letsatsi leo morero oa Molimo o hlollang oa pholoso o ile oa fela, ‘me oa atleha. ‘Me morero oona oa pholoso o fetola lipelo le maphelo a batho ka mohau, le ka ho lumela ho Morena Jesu ka tumelo lefung le tsohong ea hae. “Ka baka leo, motho ha a le ho Kreste, ke ‘mopuoa e mocha; tsa khale li fetile; bonang, tsohle li nchafetse.” (2 Ba-Korinthe 5:17). Joale, bohle ba amohelang Jesu lipelong tsa bona, le ho mo latela ka kutlo bophelong bona, ba tsoha ‘me ba phele ka ho sa feleng leholimong. Jesu o itse: “ Ere ka ha ‘Na ke phela, le lona le tla phela” (Johanne 14:19)

Na molaetsa oo o buoa le pelo ea hau? Ebe karabo ea hau ke efeng? Na u tla sokoloha, U soabele libe tsa hau, ‘me u lumele evangeli? “‘Me ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlasa leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona” (Liketso 4:12) Se ke oa lieha. Tloho ho Jesu kajeno.

Hokahana le Rona

Kopa libukana